Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 20

Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng

Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng

Moshe le Arone ba ile ba ya ho Faro ba mo bolella hore Modimo o re: ‘Haeba o sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaye, ke tla romela diboba naheng ya hao.’ Yaba ho ba le diboba tse ngata, tsa kena ka matlong a Baegepeta bohle. Naha yohle ya tlala diboba. Empa naheng ya Goshene, moo Baiseraele ba neng ba dula teng, ho ne ho se na diboba. Kotlo ena ya bone le tse ding tse latelang, di ile tsa wela Baegepeta feela. Faro a re ho Moshe le Arone: ‘Kopang Jehova hore a tlose diboba tsena. Ke tla lokolla batho ba heno.’ Empa ka mora hore Jehova a fedise diboba tseo, Faro a fetola maikutlo. Na Faro o ne a tla ke a bake?

Jehova a re: ‘Haeba Faro a sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaye, diphoofolo tsa Baegepeta di tla shwa.’ Ka le hlahlamang, diphoofolo tsa qala ho shwa. Empa tsa Baiseraele tsona tsa se ke tsa shwa. Faro a nna a etsa manganga, mme a hana ho lokolla Baiseraele.

Jwale Jehova a re Moshe a kgutlele ho Faro mme a hasanye molora moyeng. Yaba molora oo o fetoha lerole mme la tlala hohle. Lerole leo la etsa hore Baegepeta ba tswe diso tse bohloko hammoho le diphoofolo tsa bona. Empa Faro a nna a hana ho lokolla Baiseraele.

Jehova a boela a roma Moshe ho Faro ka molaetsa o reng: ‘Na o ntse o hana ho lokolla batho ba ka? Hosane ho tla na sefako naheng ya hao.’ Letsatsing le latelang, Jehova a etsa hore ho ne sefako, ho be le letolo le mollo. Baegepeta ba ne ba qala ho bona ntho e jwalo. Dimela le difate tsohle tsa senyeha, ha sala tse Goshene feela. Faro a re: ‘Kopa Jehova hore a emise kotlo ena! Ke tla le lokolla.’ Empa hang feela ha sefako le pula di emisa, Faro a boela a fetola maikutlo.

Yaba Moshe o re: ‘Jwale ditsie di tla ja dimela tsohle tse siilweng ke sefako.’ Yaba ho ba le ditsie tse ngata, mme tsa ja dimela tsohle tse masimong le ditholwana tse difateng. Faro a re: ‘Kopang Jehova hle! hore a tlose ditsie tsena.’ Empa le ka mora hore Jehova a tlose ditsie, Faro a nna a ba manganga.

Jehova a re ho Moshe: ‘Otlollela letsoho la hao lehodimong.’ Lehodimo la fifala hanghang. Baegepeta ba qeta matsatsi a mararo ba sa bone letho ka lebaka la lefifi. Ke Baiseraele feela ba neng ba e na le kganya matlong a bona.

Faro a re ho Moshe: ‘Nka batho ba heno le tsamaye. Empa le siye diphoofolo tsa lona.’ Yaba Moshe o re: ‘Re lokela ho tsamaya le diphoofolo tsa rona hore re kgone ho etsetsa Modimo sehlabelo ka tsona.’ Faro a halefa haholo. A re: ‘Tloha ka pela ka! Ha nka o bona hape ke tlo o bolaya.’

“Le tla boela le bone phapang pakeng tsa ya lokileng le ya kgopo, pakeng tsa ya sebeletsang Modimo le ya sa kang a mo sebeletsa.”​—Malakia 3:18