Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 21

Kotlo ea Leshome

Kotlo ea Leshome

Moshe o ile a tšepisa Faro hore a ke ke a hlola a tla ho eena. Empa pele a tsamaea, a re ho Faro: ‘Bosiung bona, matsibolo ’ohle a Baegepeta a tla shoa, ho akareletsa le mora oa hao.’

Jehova o ile a bolella Baiseraele hore na ba je eng ka ho khetheha letsatsing leo. A re ho bona: ‘Hlabang konyana kapa potsanyane ’me le tlotse likosene tsa lona ka mali a eona. Le bese nama ea eona ’me le e je ka bohobe bo sa lomosoang. Le itokisetse ho tsamaea. Bosiung bona ke tl’o le lokolla.’ Na u ka inahanela hore na Baiseraele ba ile ba thaba hakaakang ha ba utloa seo?

Bosiu bona boo, lengeloi la Jehova la ea matlong ’ohle a Baegepeta. Bana bohle ba matsibolo ba ka matlong ao likosene tsa ’ona li sa tlotsoang ka mali ba shoa. Empa lengeloi la feta matlong ao likosene tsa ’ona li neng li tlotsitsoe ka mali. Malapa ’ohle a Baegepeta a shoeloa ke bana ba matsibolo. Empa ba Baiseraele bona ba phela.

Mora oa Faro le eena o ile a shoa. Faro a utloa bohloko haholo. Eaba o bitsa Moshe le Arone hang-hang, o re ho bona: ‘Tsamaeang. Tsoang mona. Tsamaeang le il’o sebeletsa Molimo oa lona. Nkang liphoofolo tsa lona le tsamaee!’

Baiseraele ba tloha Egepeta e le bosiu khoeli e khantšitse. E ne e le banna ba 600 000 le basali le bana ba bangata. Batho ba bang ba bangata ba tsamaea le bona hobane ba batla ho sebeletsa Jehova. Qetellong Baiseraele ba ne ba lokolohile

E le hore ba ikhopotse kamoo Jehova a ileng a ba pholosa kateng, ba ne ba lokela ho ja lijo tse kang tseo selemo le selemo. Ketsahalo eo e bitsoa Paseka.

“Ke u tloheletse hore u ’ne u be teng ka lebaka lona lena, e le hore mabapi le uena nka bontša matla a ka, le hore lebitso la ka le ka boleloa lefatšeng lohle.”—Baroma 9:17