Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 21

Kotlo ya Leshome

Kotlo ya Leshome

Moshe o ile a tshepisa Faro hore a ke ke a hlola a tla ho yena. Empa pele a tsamaya, a re ho Faro: ‘Bosiung bona, matsibolo ohle a Baegepeta a tla shwa, bara ba makgoba, ho akarelletsa le mora wa hao.’

Jehova o ile a bolella Baiseraele hore na ba je eng ka ho kgetheha letsatsing leo. A re ho bona: ‘Hlabang konyana kapa potsanyane, mme le tlotse dikosene tsa lona ka madi a yona. Le bese nama ya yona, mme le e je ka bohobe bo sa lomoswang. Le itokisetse ho tsamaya. Bosiung bona ke tlo le lokolla.’ Na o ka inahanela hore na Baiseraele ba ile ba thaba hakaakang ha ba utlwa seo?

Bosiung bona boo, lengeloi la Jehova la ya matlong ohle a Baegepeta. Bana bohle ba matsibolo ba ka matlong ao dikosene tsa ona di sa tlotswang ka madi, ba shwa. Empa lengeloi la feta matlong ao dikosene tsa ona di neng di tlotsitswe ka madi. Malapa ohle a Baegepeta a shwelwa ke bana ba matsibolo. Empa ba Baiseraele bona ba phela.

Mora wa Faro le yena o ile a shwa. Faro a utlwa bohloko haholo. Yaba o bitsa Moshe le Arone hanghang, o re ho bona: ‘Tsamayang. Tswang mona. Tsamayang le ilo sebeletsa Modimo wa lona. Nkang diphoofolo tsa lona le tsamaye!’

Baiseraele ba tloha Egepeta e le bosiu kgwedi e kgantshitse. E ne e le banna ba 600 000 le basadi le bana ba bangata. Batho ba bang ba bangata ba tsamaya le bona hobane ba batla ho sebeletsa Jehova. Qetellong Baiseraele ba ne ba lokolohile!

E le hore ba ikgopotse kamoo Jehova a ileng a ba pholosa kateng, ba ne ba lokela ho ja dijo tseo tse kgethehileng selemo le selemo. Ketsahalo eo e bitswa Paseka.

“Ke o tloheletse hore o nne o be teng ka lebaka lona lena, e le hore mabapi le wena nka bontsha matla a ka, le hore lebitso la ka le ka bolelwa lefatsheng lohle.”​—Baroma 9:17