Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 22

Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu

Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu

Faro o ile a utloa hore Baiseraele ba ile. Eaba o fetola monahano oa hae. A laela masole a hae a re: ‘Lokisang likoloi tsa ntoa re ba lelekise! Re ka be re sa ba tlohella hore ba tsamaee.’ Faro le banna ba hae ba ile ba lelekisa Baiseraele.

Jehova o ne a sebelisa leru ho tataisa batho ba hae motšehare ’me bosiu a sebelisa mollo. Eaba o ba isa Leoatleng le Lefubelu ’me a re ba hlome litente pel’a lona.

Baiseraele ba bona hore Faro le banna ba hae ba ba setse morao. Ho ne ho se moo ba ka eang, hobane ka pele e ne e le leoatle ’me ka morao e le masole a Egepeta. Joale ba re ho Moshe: ‘Re tl’o shoa! U ka be u ile oa re tlohela Egepeta.’ Moshe a re ho bona: ‘Le se ke la tšoha. Jehova o tla re sireletsa.’ Ruri Moshe o ne a tšepa Jehova!

Eaba Jehova o re Baiseraele ba phuthe litente tsa bona. Bosiung boo, Jehova a beha leru pakeng tsa Baiseraele le Baegepeta. Ka lehlakoreng la Baegepeta ho ne ho le lefifi. Empa ka lehlakoreng la Baiseraele ho e-na le leseli.

Jehova a re Moshe a otlolle letsoho la hae holim’a leoatle. Eaba Jehova o etsa hore ho foke moea o matla bosiu bohle. Kahoo, leoatle la buleha ka lehare. Kahoo, Baiseraele ba tsamaea har’a lona moo ho ommeng.

Eaba Faro le banna ba hae ba ba sala morao. Empa Jehova a ba ferekanya. Mabili a likoloi tsa bona tsa ntoa a qala ho tsoa. Masole a re: ‘A re tsoeng mona! Jehova oa ba loanela.’

Jehova a re ho Moshe: ‘Otlollela letsoho la hao holim’a leoatle.’ Hang-hang metsi a koahela Baegepeta. Faro le banna bohle ba hae ba shoa. Ha se ke ha phonyoha leha e le a le mong.

Baiseraele bona ba feta ba sireletsehile ’me ba rorisa Molimo ka pina, ba re: ‘Binelang Jehova, kaha o phahame haholo. O lihetse pere le mopalami oa eona leoatleng.’ Ha ba bang ba ntse ba bina, basali ba ne ba tantša ba bile ba letsa meropa. Baiseraele bohle ba ne ba thabile haholo kaha joale ba ne ba lokolohile.

“E le hore re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’”—Baheberu 13:6