Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 22

Ho Etsahala Mohlolo Lewatleng le Lefubedu

Ho Etsahala Mohlolo Lewatleng le Lefubedu

Faro o ile a utlwa hore Baiseraele ba ile, yaba o fetola monahano wa hae. A laela masole a hae a re: ‘Lokisang dikoloi tsa ntwa re ba lelekise! Re ka be re sa ba tlohella hore ba tsamaye.’ Faro le banna ba hae ba ile ba lelekisa Baiseraele.

Jehova o ne a sebedisa leru ho tataisa batho ba hae motshehare, mme bosiu a sebedisa mollo. Yaba o ba isa Lewatleng le Lefubedu, mme a re ba hlome ditente pela lona.

Baiseraele ba bona hore Faro le banna ba hae ba ba setse morao. Ho ne ho se moo ba ka yang, hobane ka pele e ne e le lewatle mme ka morao e le masole a Egepeta. Jwale ba re ho Moshe: ‘Re tlo shwa! O ka be o ile wa re tlohela Egepeta.’ Moshe a re ho bona: ‘Le se ke la tshoha. Jehova o tla re sireletsa.’ Ruri Moshe o ne a tshepa Jehova!

Yaba Jehova o re Baiseraele ba phuthe ditente tsa bona. Bosiung boo, Jehova a beha leru pakeng tsa Baiseraele le Baegepeta. Ka lehlakoreng la Baegepeta ho ne ho le lefifi. Empa ka lehlakoreng la Baiseraele ho e na le lesedi.

Jehova a re Moshe a otlolle letsoho la hae hodima lewatle. Yaba Jehova o etsa hore ho foke moya o matla bosiu bohle. Kahoo, lewatle la buleha ka lehare. Baiseraele ba tsamaya hara lona, moo ho omileng.

Yaba Faro le banna ba hae ba ba sala morao. Empa Jehova a ba ferekanya. Mabidi a dikoloi tsa bona tsa ntwa a qala ho tswa. Masole a re: ‘A re tsweng mona! Jehova o a ba lwanela.’

Jehova a re ho Moshe: ‘Otlollela letsoho la hao hodima lewatle.’ Hanghang metsi a kwahela Baegepeta. Faro le banna bohle ba hae ba shwa. Ha ho na motho ya ileng a pholoha.

Baiseraele bona ba feta ba sireletsehile mme ba rorisa Modimo ka pina, ba re: ‘Binelang Jehova, kaha o phahame haholo. O dihetse pere le mopalami wa yona lewatleng.’ Ha ba bang ba ntse ba bina, basadi ba ne ba tantsha ba bile ba letsa meropa. Baiseraele bohle ba ne ba thabile haholo kaha jwale ba ne ba lokolohile.

“E le hore re ka ba sebete mme ra re: ‘Jehova ke mothusi wa ka; nke ke ka tshaba. Motho a ka nketsang?’”​—Baheberu 13:6