Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 23

Ba Tšepisa Jehova

Ba Tšepisa Jehova

Ka mor’a likhoeli tse ka bang peli Baiseraele ba tlohile Egepeta, ba ile ba fihla Thabeng ea Sinai ’me ba hloma litente moo. Jehova o ile a re Moshe a nyolohele thabeng eo ’me a re ho eena: ‘Ke pholositse Baiseraele. Haeba ba mamela melao ea ka ’me ba e boloka, e tla ba sechaba sa ka se khethehileng.’ Ka mor’a moo, Moshe o ile a khutlela ho Baiseraele, a ba bolella seo Jehova a se buileng. Ba ile ba re’ng? Ba ile ba re: ‘Re tla etsa sohle seo Jehova a re laelang sona.’

Moshe o ile a boela a nyolohela thabeng. Ha a le moo, Jehova a re ho eena: ‘Ka mor’a matsatsi a mararo, ke tla bua le uena. Lemosa batho hore ba se ke ba atamela pel’a Thaba ea Sinai.’ Kahoo, Moshe a theoha ho ea bolella Baiseraele hore ba itokisetse ho mamela Jehova.

Ka mor’a matsatsi a mararo, Baiseraele ba ile ba bona maru a matšo le mahalima holim’a thaba eo. Ba boela ba utloa molumo o matla oa sealuma le oa lenaka. Eaba Jehova theohela thabeng eo a le har’a mollo. Baiseraele ba ile ba tšoha hoo ba ileng ba thothomela. Thaba le eona ea sisinyeha ka matla ’me ea apareloa ke mosi. Molumo oa lenaka oa ba matla le ho feta. Eaba Molimo a re: ‘Ke ’na Jehova. Ha lea lokela ho rapela melimo e meng.’

Moshe o ile a khutlela thabeng ’me Jehova a mo fa melao e meng ea hore na sechaba se lokela ho mo rapela joang le ho itšoara joang. Moshe o ile a ngola melao eo fatše ’me a e balla Baiseraele. Ba ikana ba re: ‘Re tla etsa sohle seo Jehova a reng re se etse.’ Ha e le hantle, ba tšepisa Molimo hore ba tla mamela melao ea hae. Empa na ba ile ba phetha seo ba se tšepisitseng?

“U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.”—Matheu 22:37