Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 23

Ba re ba Tla Mamela Jehova

Ba re ba Tla Mamela Jehova

Ka mora dikgwedi tse ka bang pedi Baiseraele ba tlohile Egepeta, ba ile ba fihla Thabeng ya Sinai mme ba hloma ditente moo. Jehova o ile a re Moshe a nyolohele thabeng eo, mme a re ho yena: ‘Ke pholositse Baiseraele. Haeba ba mamela melao ya ka mme ba e boloka, e tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng.’ Ka mora moo, Moshe o ile a kgutlela ho Baiseraele, a ba bolella seo Jehova a se buileng. Ba ile ba reng? Ba ile ba re: ‘Re tla etsa sohle seo Jehova a re bolellang sona.’

Moshe o ile a boela a nyolohela thabeng. Ha a le moo, Jehova a re ho yena: ‘Ka mora matsatsi a mararo, ke tla bua le wena. Lemosa batho hore ba se ke ba atamela pela Thaba ya Sinai.’ Kahoo, Moshe a theoha ho ya bolella Baiseraele hore ba itokisetse ho mamela Jehova.

Ka mora matsatsi a mararo, Baiseraele ba ile ba bona maru a matsho le mahadima hodima thaba eo. Ba boela ba utlwa modumo o matla wa seaduma le wa lenaka. Yaba Jehova o theohela thabeng eo a le hara mollo. Baiseraele ba ile ba tshoha hoo ba ileng ba thothomela. Thaba le yona ya sisinyeha ka matla mme ya aparelwa ke mosi. Modumo wa lenaka wa ba matla le ho feta. Mme Modimo a re: ‘Ke nna Jehova. Ha le a lokela ho rapela medimo e meng.’

Moshe a kgutlela thabeng, mme Jehova a mo fa melao e meng ya hore na setjhaba se lokela ho mo rapela jwang le ho itshwara jwang. Moshe o ile a ngola melao eo fatshe mme a e balla Baiseraele. Ba ikana ba re: ‘Re tla etsa sohle seo Jehova a reng re se etse.’ Ha e le hantle, ba tshepisa Modimo hore ba tla mamela melao ya hae. Empa na ba ile ba etsa seo ba se tshepisitseng?

“O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle.”​—Matheu 22:37