Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 26

Lihloela Tse 12

Lihloela Tse 12

Ha Baiseraele ba tloha Thabeng ea Sinai ba ile ba feta lehoatateng la Parane ’me ba fihla sebakeng se bitsoang Kadeshe. Ha ba le moo, Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Roma banna ba 12, a le mong ho tsoa molokong ka mong, hore ba il’o hloela naha ea Kanana, eo ke tla e fa Baiseraele.’ Kahoo, Moshe o ile a khetha banna ba 12 ’me a re ho bona: ‘Tsamaeang le ee Kanana ’me le bone hore na naha eo e ntle bakeng sa temo kapa che. Le bone hore na batho ba moo ba matla kapa baa fokola le hore na ba phela metseng e joang.’ Lihloela tse 12 tse neng li akarelletsa Joshua le Kalebe, li ile tsa ea Kanana.

Lihloela tseo li ile tsa khutla ka mor’a matsatsi a 40, li nkile lifeiga, likharenate le morara. Li ile tsa re: ‘Ke naha e ntle, empa batho ba teng ba matla le metse ea teng e sirelelitsoe ka marako a maholo.’ Empa Kalebe a re: ‘Re ka ba hlola. A re eeng!’ Na oa tseba hore na ke hobane’ng ha Kalebe a ne a bua joalo? Ke hobane eena le Joshua ba ne ba tšepile Jehova. Leha ho le joalo, lihloela tse ling tse leshome li ile tsa re: ‘A re se keng ra ea! Batho ba moo ke linatla! Re tšoana le marutle ho bona.’

Baiseraele ba ile ba nyahama. Ba qala ho belaela ba re: ‘A re khetheng moeta-pele e mong ea tla re khutlisetsa Egepeta. Ha re batle ho ea shoela moo.’ Joshua le Kalebe ba ile ba re: ‘Tšepang Jehova ’me le se ke la tšoha. Jehova o tla re sireletsa.’ Empa Baiseraele ha baa ka ba mamela. Ho e-na le hoo, ba batla ho bolaea Joshua le Kalebe.

Jehova o ile a etsa’ng? O ile a re ho Moshe: ‘Baiseraele ba ntse ba hana ho ’mamela le hoja ke ba etselitse lintho tse ngata hakana. Kahoo, ba tla lelera lehoatateng mona ka lilemo tse 40 ba be ba shoelle teng. Ke bana ba bona feela le Joshua hammoho le Kalebe ba tla kena naheng eo ke ba tšepisitseng eona.’

“Ke hobane’ng ha le le boi, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?”—Matheu 8:26