Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 27

Ba Ile ba Fetohela Jehova

Ba Ile ba Fetohela Jehova

Ka mor’a nakoana Baiseraele ba le lehoatateng, Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba fetohela Moshe. Ba ile ba re ho eena: ‘Re utloile ho lekane ke uena! Ke hobane’ng ha e lokela ho ba uena moeta-pele oa rona le Arone e lokela ho ba moprista ea phahameng? Le rona Jehova oa re sebelisa. Ha a sebelise uena le Arone feela.’ Jehova ha aa ka a thabisoa ke seo. O ile a nka hore baa mo fetohela.

Moshe o ile a re ho Kora le batšehetsi ba hae: ‘Hosane le tle tabernakeleng le nkile lipane tsa mollo tse nang le libano. Jehova o tla re bontša hore na o khetha mang.’

Ka le hlahlamang, Kora le banna ba 250 ba ile ba ea tabernakeleng ho ea kopana le Moshe. Ba fihla ba chesa libano joalokaha eka ke baprista. Jehova o ile a re ho Moshe le Arone: ‘Ikaroleng ho Kora le banna ba hae.’

Le hoja Kora a ile a ea ho Moshe tabernakeleng, Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ile ba hana ho ea. Jehova o ile a re Baiseraele ba emelle hole le tente ea Kora, ea Dathane le ea Abirame. Kahoo, ba ikarola hang-hang. Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ema ka pel’a litente tsa bona. Ka tšohanyetso, lefatše la ahlama ’me la ba koenya. Tabernakeleng teng, mollo oa theoha leholimong ’me oa chesa Kora le banna ba 250.

Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nka lere la moeta-pele oa moloko o mong le o mong ’me u ngole lebitso la hae ho oona. Empa lereng la moloko oa Levi, u ngole lebitso la Arone. Mare ao u a kenye ka tabernakeleng ’me lere la motho eo ke tla mo khetha le tla mela lipalesa.’

Ka le hlahlamang, Moshe o ile a ntša mare ao ’me a a bontša baeta-pele ba sechaba. Lere la Arone le ne le metse lipalesa le bile le e-na le lialmonde tse butsoitseng. Ka tsela eo, Jehova a bontša hore o khethile Arone hore e be moprista ea phahameng.

“Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase.” —Baheberu 13:17