Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 28

Tonki ea Balame ea Bua

Tonki ea Balame ea Bua

Ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka bang 40 Baiseraele ba ntse ba le lehoatateng. Ba ne ba hlotse metse e mengata e matla. Joale ba ne ba le lithoteng tsa Moabe ka bochabela ho Noka ea Jordane ’me ba le mothating oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Morena oa Moabe ea bitsoang Balake o ne a tšohile hore ba tl’o hapa naha ea hae. Kahoo, a kopa monna e mong ea bitsoang Balame hore a tle Moabe ho tla rohaka Baiseraele.

Empa Jehova a re ho Balame: ‘U se ke oa rohaka Baiseraele.’ Kahoo, Balame a hana ho ea. Morena Balake a boela a mo kopa hore a tle ’me lekhetlong lena a mo tšepisa ho mo fa ntho leha e le efe eo a e batlang. Empa Balame a ’na a hana. Eaba Molimo o re: ‘Tsamaea, empa u bue feela seo ke tla u bolella sona.’

Balame a palama tonki ea hae ’me a leba Moabe e ka boroa. O ne a ikemiselitse ho rohaka Baiseraele, le hoja Jehova a ne a mo boleletse hore a se ke a etsa joalo. Ha a le tseleng, lengeloi la Jehova la hlaha ka makhetlo a mararo. Balame o ne a sa le bone, empa tonki ea hae eona e ne e le bona. Qalong, tonki e ile ea kheloha tsela ea kena masimong. Ea ntan’o petelletsa leoto la Balame lerakong la majoe. Qetellong, ea lula fatše ka har’a tsela. Nako le nako, Balame o ne a e otla ka molamu.

Lekhetlong lena la boraro, Jehova o ile a etsa hore tonki eo e bue. Ea re ho Balame: ‘U nkotlela’ng?’ Balame a re: ‘U nketsa setlatla. Ke ne ke tla u bolaea hoja ebe ke na le sabole.’ Tonki ea re: ‘Ke khale u mpalama. Na ho na le mohla nkileng ka u etsa tjee?’

Eaba Jehova o etsa hore Balame a bone lengeloi. Lengeloi la re: ‘Jehova o u lemositse hore u se ke oa rohaka Iseraele.’ Balame a re: ‘Ke fositse. Ke tla khutlela hae.’ Empa lengeloi la re: ‘U ka ea Moabe, empa u bue feela seo Jehova a reng u se bue.’

Na Balame o ile a mamela? Che. Balame o ile a leka ka makhetlo a mang a mararo ho rohaka Baiseraele, empa nako le nako Jehova a etsa hore a ba hlohonolofatse. Qetellong, Baiseraele ba ile ba hlasela Moabe ’me Balame a bolaoa. Na ho ne ho sa tl’o ba molemo hoja ebe Balame o ile a mamela Jehova li sa tloha feela?

“Le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15