Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 28

Tonki ya Balame e ya Bua

Tonki ya Balame e ya Bua

Ho ne ho se ho fetile dilemo tse ka bang 40 Baiseraele ba ntse ba le lehwatateng. Ba ne ba hlotse metse e mengata e matla. Jwale ba ne ba le dithoteng tsa Moabe ka botjhabela ho Noka ya Jordane, mme ba le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng. Morena wa Moabe ya bitswang Balake o ne a tshohile hore ba tlo hapa naha ya hae. Kahoo, a kopa monna e mong ya bitswang Balame hore a tle Moabe ho tla rohaka Baiseraele.

Empa Jehova a re ho Balame: ‘O se ke wa rohaka Baiseraele.’ Kahoo, Balame a hana ho ya. Morena Balake a boela a mo kopa hore a tle mme lekgetlong lena a mo tshepisa ho mo fa ntho leha e le efe eo a e batlang. Empa Balame a nna a hana. Yaba Modimo o re: ‘Tsamaya, empa o bue feela seo ke tla o bolella sona.’

Balame a palama tonki ya hae mme a leba Moabe e ka borwa. A ikemiseditse ho rohaka Baiseraele, le hoja Jehova a ne a mo boleletse hore a se ke a etsa jwalo. Ha a le tseleng, lengeloi la Jehova la hlaha ka makgetlo a mararo. Balame o ne a sa le bone, empa tonki ya hae yona e ne e le bona. Qalong, tonki e ile ya kgeloha tsela ya kena masimong. Yaba e petelletsa leoto la Balame lerakong la majwe. Qetellong, ya dula fatshe ka hara tsela. Nako le nako, Balame o ne a e otla ka molamu.

Lekgetlong lena la boraro, Jehova o ile a etsa hore tonki eo e bue. Ya re ho Balame: ‘O nkotlelang?’ Balame a re: ‘O nketsa setlatla. Ke ne ke tla o bolaya hoja e be ke na le sabole.’ Tonki ya re: ‘Ke kgale o mpalama. Na ho na le mohla nkileng ka etsa see?’

Yaba Jehova o etsa hore Balame a bone lengeloi. Lengeloi la re: ‘Jehova o o lemositse hore o se ke wa rohaka Iseraele.’ Balame a re: ‘Ke entse phoso. Ke tla kgutlela hae.’ Empa lengeloi la re: ‘O ka ya Moabe, empa o bue feela seo Jehova a reng o se bue.’

Na Balame o ile a mamela Jehova? Tjhe. Balame o ile a leka ka makgetlo a mang a mararo ho rohaka Baiseraele, empa nako le nako Jehova a etsa hore a ba hlohonolofatse. Qetellong, Baiseraele ba ile ba hlasela Moabe mme Balame a bolawa. Na ho ne ho sa tlo ba molemo hoja e be Balame o ile a mamela Jehova di sa tloha feela?

“Le itebele kgahlanong le ho tjhatjheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe dinthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15