Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 29

Jehova o Khetha Joshua

Jehova o Khetha Joshua

Moshe o ne a qetile lilemo tse ngata e le moeta-pele oa sechaba sa Iseraele ’me joale a le haufi le ho shoa. Jehova o ile a re ho eena: ‘Ha se uena ea tla etella Baiseraele pele ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Empa ke tla u lumella hore u e bone.’ Moshe o ile a kopa Jehova hore a khethe moeta-pele e mocha ea tla hlokomela sechaba. Jehova o ile a re ho eena: ‘E-ea ho Joshua, u mo bolelle hore e tla ba eena moeta-pele.’

Moshe o ile a bolella sechaba hore o haufi le ho shoa le hore Jehova o khethile Joshua hore e be moeta-pele oa bona ho ba isa Naheng e Tšepisitsoeng. Eaba Moshe o re ho Joshua: ‘U se ke oa tšoha. Jehova o tla u thusa.’ Nakoana ka mor’a moo, Moshe a nyolohela Thabeng ea Nebo ’me ha a le moo, Jehova a mo bontša naha eo a e tšepisitseng Abrahama, Isaka le Jakobo. Moshe o shoele a le lilemo li 120.

Jehova o ile a re ho Joshua: ‘Tšela Noka ea Jordane ’me u kene Kanana. Ke tla u thusa feela joalokaha ke ile ka thusa Moshe. Etsa bonnete ba hore u bala Molao oa ka letsatsi le leng le le leng. U se ke oa tšoha. E-ba sebete. E-ea ’me u etse seo ke u laetseng sona.’

Joshua o ile a romela lihloela tse peli motseng oa Jeriko. Khaolong e latelang, re tl’o ithuta ka se ileng sa etsahala ha ba le moo. Ha ba khutla, ba ile ba mo tlalehela hore eo ke nako e loketseng ea hore ba kene Kanana. Ka le hlahlamang, Joshua o ile a bolella sechaba hore se itokisetse ho tsamaea. Eaba o re baprista ba jereng areka ea selekane e be bona ba tšelang pele Nokeng ea Jordane. Noka e ne e tletse. Empa hang ha baprista ba kenya maoto ka metsing, noka ea khaotsa ho phalla ’me metsi a oma. Baprista ba tsamaea moo ho ommeng ’me ba fihla ba ema bohareng ba noka ho fihlela sechaba sohle sa Iseraele se tšetse. Na ha u nahane hore mohlolo oo o ile oa ba hopotsa oo Jehova a ileng a o etsa Leoatleng le Lefubelu?

Qetellong ea lilemo tseo tse ngata, Baiseraele ba ile ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ba haha matlo, ba haha le metse. Ba lema masimo, lifate tsa morara le tsa litholoana. E ne e le naha e phallang lebese le mahe a linotši.

‘Jehova o tla le tsamaisa le ho khotsofatsa meea ea lōna naheng e omeletseng.’ —Esaia 58:11