Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 29

Jehova o Kgetha Joshua

Jehova o Kgetha Joshua

Moshe o ne a qetile dilemo tse ngata e le moetapele wa setjhaba sa Iseraele, mme jwale a le haufi le ho shwa. Jehova o ile a re ho yena: ‘Hase wena ya tla etella Baiseraele pele ho kena Naheng e Tshepisitsweng. Empa ke tla o dumella hore o e bone.’ Moshe o ile a kopa Jehova hore a kgethe moetapele e motjha ya tla hlokomela setjhaba. Jehova o ile a re ho yena: ‘E ya ho Joshua, o mo bolelle hore e tla ba yena moetapele.’

Moshe o ile a bolella setjhaba hore o haufi le ho shwa le hore Jehova o kgethile Joshua hore e be moetapele wa bona ho ba kenya Naheng e Tshepisitsweng. Yaba Moshe o re ho Joshua: ‘O se ke wa tshoha. Jehova o tla o thusa.’ Nakwana ka mora moo, Moshe a nyolohela Thabeng ya Nebo, mme ha a le moo Jehova a mo bontsha naha eo a e tshepisitseng Abrahama, Isaka le Jakobo. Moshe o shwele a le dilemo di 120.

Jehova o ile a re ho Joshua: ‘Tshela Noka ya Jordane mme o kene Kanana. Ke tla o thusa feela jwalokaha ke ile ka thusa Moshe. Etsa bonnete ba hore o bala Molao wa ka letsatsi le leng le le leng. O se ke wa tshoha. Eba sebete. E ya mme o etse seo ke o laetseng sona.’

Joshua o ile a romela dihlwela tse pedi motseng wa Jeriko. Kgaolong e latelang, re tlo ithuta ka se ileng sa etsahala ha ba le moo. Ha ba kgutla, ba ile ba mo bolella hore eo ke nako e loketseng ya hore ba kene Kanana. Letsatsi le latelang, Joshua o ile a bolella setjhaba hore se itokisetse ho tsamaya. Yaba o re baprista ba jereng areka ya selekane e be bona ba tshelang pele Nokeng ya Jordane. Noka e ne e tletse. Empa hang ha baprista ba kenya maoto ka metsing, noka ya kgaotsa ho phalla mme metsi a oma! Baprista ba tsamaya moo ho omileng mme ba fihla ba ema bohareng ba noka ho fihlela setjhaba sohle sa Iseraele se tshetse. Na ha o nahane hore mohlolo oo o ile wa ba hopotsa oo Jehova a ileng a o etsa Lewatleng le Lefubedu?

Qetellong ya dilemo tseo tse ngata, Baiseraele ba ile ba kena Naheng e Tshepisitsweng. Ba haha matlo, ba haha le metse. Ba lema masimo, difate tsa morara le tsa ditholwana. E ne e le naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.

“Jehova o tla le tsamaisa le ho le kgotsofatsa naheng e omeletseng.’ —Esaia 58:11