Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 30

Rahaba o Pata Dihlwela

Rahaba o Pata Dihlwela

Ha dihlwela tsa Baiseraele di fihla motseng wa Jeriko, di ile tsa dula ha mosadi e mong ya bitswang Rahaba. Morena wa Jeriko o ile a utlwela ka seo yaba o romela masole ha Rahaba. Rahaba o ile a pata dihlwela tseo ka marulelong mme a supisa masole ao tsela e sele. A re ho dihlwela tseo: ‘Ke tla le thusa kaha ke a tseba hore Jehova o na le lona le hore le tlo hapa naha ena. Ke kopa le ntshepise hore le tla sireletsa ba lelapa leso.’

Dihlwela tseo tsa re ho Rahaba: ‘Re a o tshepisa hore bohle ba ka tlung ya hao ba tla sireletseha.’ Tsa re ho yena: ‘O tlame thapo ena e kgubedu fensetereng ya hao, mme ba lelapa leno ba tla sireletseha.’

Rahaba o ile a ntsha dihlwela tseo ka fensetere mme tsa theoha ka thapo. Tsa balehela dithabeng mme tsa qeta matsatsi a marao di ipatile moo, ka mora moo tsa kgutlela ho Joshua. Yaba Baiseraele ba tshela Noka ya Jordane mme ba itokiselletsa ho hapa naha. Jeriko ke motse wa pele oo ba ileng ba o hapa. Jehova o ile a re ba pote motse oo hanngwe ka letsatsi ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa ba o pota ka makgetlo a supileng. Ka mora moo, baprista ba letsa diterompeta tsa bona mme masole a hweletsa. Marako a motse a ile a wa! Empa ntlo ya Rahaba, e neng e itshetlehile ka lebota, ha e a ka ya wa. Jehova a sireletsa Rahaba le ba lelapa labo hobane o ne a mo tshepile.

“Ka mokgwa o tshwanang na le yena Rahaba . . . ha ho a ka ha bolelwa hore o lokile ka mesebetsi, ka mora hore a bontshe manqosa kamohelo ya baeti le ho a ntsha ka tsela e nngwe?”​—Jakobo 2:25