Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 31

Joshua le Bagibeone

Joshua le Bagibeone

Lichaba tse ling tsa Kanana li ile tsa utloa ka se etsahetseng Jeriko. Kahoo, marena a tsona a rera ho ikopanya ho loantša Baiseraele. Empa Bagibeone ba tla ka leano le fapaneng. Ba apara liaparo tsa khale, ba ea ho Joshua ’me ba re: ‘Re tsoa naheng e hole. Re utloetse ka Jehova le sohle seo a le etselitseng sona Egepeta le Moabe. Re tšepiseng hore ha le na ho re hlasela ’me re tla ba bahlanka ba lona.’

Joshua o ile a ba kholoa ’me a lumela hore ha a na ho ba hlasela. Ka mor’a matsatsi a mararo, a utloa hore ha ba tsoe naheng e hole. Ba tsoa hona naheng eo ea Kanana. Joshua a botsa Bagibeone a re: ‘Ke hobane’ng ha le re thetsitse?’ Ba re: ‘Re le thetsitse hobane re ne re tšohile. Rea tseba hore Jehova Molimo oa lona oa le loanela. Re kopa hore le se ke la re bolaea.’ Joshua a etsa joalokaha a ba tšepisitse ’me a se ke a ba bolaea.

Ka mor’a nakoana, marena a mahlano a Kanana a ile a hlophisa mabotho a ’ona, a itokisetsa ho hlasela Bagibeone. Joshua le banna ba bang ba tsamaea bosiu bohle ho ea ba pholosa. Ntoa ea qala hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Bakanana ba baleha. Hohle moo ba balehelang teng, Jehova o ne a ba nesetsa sefako. Eaba Joshua o kopa Jehova hore a emise letsatsi. Ke hobane’ng ha a ile a kopa Jehova hore a emise letsatsi empa ho se mohla ntho e joalo e kileng ea etsahala? Ke hobane Joshua o ne a tšepa Jehova. Letsatsi ha lea ka la likela mohlang oo ho fihlela Baiseraele ba hlotse lira tsa bona.

“Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che; hobane se fetang tsena se tsoa ho ea khopo.”—Matheu 5:37