Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 31

Joshua le Bagibeone

Joshua le Bagibeone

Ditjhaba tse ding tsa Kanana di ile tsa utlwa se etsahetseng Jeriko. Kahoo, marena a tsona a rera ho ikopanya ho lwantsha Baiseraele. Empa Bagibeone ba tla ka leano le fapaneng. Ba apara diaparo tsa kgale, ba ya ho Joshua mme ba re: ‘Re tswa naheng e hole. Re utlwetse ka Jehova le sohle seo a le etseditseng sona Egepeta le Moabe. Re tshepiseng hore ha le na ho re hlasela, mme re tla ba bahlanka ba lona.’

Joshua o ile a ba kgolwa mme a dumela hore ha a na ho ba hlasela. Ka mora matsatsi a mararo, a utlwa hore ha ba tswe naheng e hole. Ba tswa hona naheng eo ya Kanana. Joshua a botsa Bagibeone a re: ‘Ke hobaneng ha le re thetsitse?’ Ba re: ‘Re le thetsitse hobane re ne re tshohile! Re a tseba hore Jehova Modimo wa lona o a le lwanela. Re kopa hore le se ke la re bolaya.’ Joshua a etsa jwalokaha a ba tshepisitse mme a se ke a ba bolaya.

Ka mora nakwana, marena a mahlano a Kanana a ile a hlophisa mabotho a ona, a itokisetsa ho hlasela Bagibeone. Joshua le banna ba hae ba tsamaya bosiu bohle ho ya ba pholosa. Ntwa ya qala hoseng letsatsing le latelang. Bakanana ba ile ba baleha. Hohle moo ba balehelang teng, Jehova a ba nesetsa sefako. Yaba Joshua o kopa Jehova hore a emise letsatsi. Ke hobaneng ha a ile a kopa Jehova hore a emise letsatsi, empa ho se mohla ntho e jwalo e kileng ya etsahala? Ke hobane Joshua o ne a tshepa Jehova. Letsatsi ha le a ka la dikela ho fihlela Baiseraele ba hlotse dira tsa bona.

“Lentswe la lona E le mpe le bolele E, Tjhe ya lona, Tjhe; hobane se fetang tsena se tswa ho ya kgopo.”—Matheu 5:37