Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 32

Moetapele e Motjha le Basadi ba Babedi ba Sebete

Moetapele e Motjha le Basadi ba Babedi ba Sebete

Joshua o ile a shwa a le dilemo di 110 ka mora hore e be moetapele wa Baiseraele ka dilemo tse ngata. Ha a ntse a phela, Baiseraele ba ne ba rapela Jehova. Empa ka mora hore a shwe, ba qala ho etsisa Bakanana, ba rapela medimo ya ditshwantsho. Kaha Baiseraele ba ne ba se ba sa rapele Jehova, o ile a ba tlohella hore morena wa Mokanana ya bitswang Jabine a ba phedise ka thata. Baiseraele ba ile ba kopa Jehova hore a ba thuse. Kahoo, Jehova a ba fa moetapele e motjha ya bitswang Barake. O ile a ba thusa hore ba sebeletse Jehova hape.

Debora eo e neng e le moprofeta, o ile a bitsa Barake. A mo bolella hore Jehova o re: ‘Tsamaya le banna ba 10 000 le ilo lwantsha masole a Jabine Nokeng ya Kishone. Le tla hlola Sisera, e leng molaodi wa sesole sa Jabine.’ Barake o ile a re ho Debora: ‘Ke tla ya haeba feela o tsamaya le nna.’ Debora o ile a re: ‘Ke tla tsamaya le wena. Empa hase wena ya tla bolaya Sisera. Jehova o itse ke mosadi ya tla bolaya Sisera.’

Debora o ile a tsamaya le Barake le masole a hae ba ya Thabeng ya Tabore ho itokisetsa ntwa. Hang ha Sisera a utlwa ka taba ena, a theoha le masole a hae a mang a tsamaya ka dikoloi tsa ntwa, a mang ka maoto. Debora o ile a re ho Barake: ‘Kajeno Jehova o tlo etsa hore o hlole Sisera.’ Barake le masole a hae a 10 000 ba ile ba theoha thabeng ho ya kopana le masole a matla a Sisera.

Jehova o ile a etsa hore Noka ya Kishone e tlale. Dikoloi tsa ntwa tsa Sisera tsa tetebela seretseng. Sisera a siya koloi ya hae ya ntwa moo yaba o a baleha. Kahoo, Barake le masole a hae ba hlola masole a Sisera empa Sisera yena a phonyoha! A balehela ka tenteng ya mosadi ya bitswang Jaele. Mosadi eo a mo fa lebese, ka mora moo a mo apesa kobo. Sisera a robala kaha o ne a kgathetse. Yaba Jaele o nka tshepe ya tente o mo kokotela hloohong ka yona. Sisera a shwa.

Barake o ile a fihla a ntse a batla Sisera. Jaele a tswela ka ntle yaba o re ho Barake: ‘Kena ka tenteng, ke tlo o bontsha monna eo o ntseng o mo batla.’ Barake o ile a fumana Sisera a shwele ka tenteng. Barake le Debora ba ile ba rorisa Jehova ka pina hobane a thusitse Baiseraele ho hlola masole a Sisera. Ka mora moo, Baiseraele ba ile ba phela ka kgotso ka dilemo tse 40.

“Basadi ba bolelang ditaba tse molemo ke lebotho le leholo.” —Pesaleme ya 68:11