Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 33

Ruthe le Naomi

Ruthe le Naomi

Naomi o ile a fallela naheng ea Moabe hammoho le mohats’a hae le bara ba bona ba babeli kaha ho ne ho e-na le tlala naheng ea Iseraele. Hamorao, mohats’a Naomi o ile a shoa. Bara ba hae ba ile ba nyala basali ba Moabe, e leng Ruthe le Orpa. Empa ka masoabi bara bao ba Naomi le bona ba ile ba shoa.

Ha Naomi a utloa hore tlala e felile Iseraele, o ile a etsa qeto ea ho khutlela teng. Ruthe le Orpa ba tsamaea le eena ’me ha ba le tseleng, a re ho bona: ‘Le bile basali ba molemo ho bara ba ka. Le ho ’na le bile molemo. Ke lakatsa hore le nyaloe hape. Khutlelang Moabe.’ Basali bao ba re: ‘Rea u rata! Hape ha re batle ho u siea.’ Naomi a ’na a ba kopa hore ba khutlele hae. Qetellong, Orpa o ile a khutla empa Ruthe a hana. Naomi o ile a re ho Ruthe: ‘Orpa o khutlela ho batho ba habo le ho melimo ea habo. Khutla le eena.’ Empa Ruthe a re: ‘Nke ke ka u siea. Batho ba heno e tla ba batho ba heso, le Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.’ U nahana hore Naomi o ile a ikutloa joang ha Ruthe a cho joalo?

Ha Ruthe le Naomi ba fihla Iseraele, e ne e le nakong eo ho kotuloang harese ka eona. Ka letsatsi le leng, Ruthe a ea ho bokella harese e setseng tšimong ea mora oa Rahaba ea bitsoang Boaze. Boaze a utloa hore Ruthe ke mosali oa Momoabe ea ileng a hana ho arohana le matsale oa hae. A re batho ba mo sebeletsang ba siele Ruthe harese e ’ngoe.

Mantsiboeeng ao, Naomi a botsa Ruthe a re: ‘U ne u ntse u bokella tšimong ea mang tsatsing lee?’ Ruthe a re: ‘Tšimong ea monna ea bitsoang Boaze.’ Naomi a re: ‘Boaze o amana le monna oa ka. U ’ne u sebetse tšimong ea hae le basali ba bang. U tla sireletseha ha u le moo.’

Ruthe o ile a sebetsa tšimong ea Boaze ho fihlela ho qetiloe ho kotula. Boaze o ile a bona hore Ruthe o sebetsa ka thata le hore ke mosali ea molemo. Mehleng eo, haeba monna a ne a shoa a se na bara, motho ea amanang le eena o ne a ka nyala mosali oa hae. Ke kahoo Boaze a ileng a nyala Ruthe. Ba ile ba e-ba le mora ea bitsoang Obede, eo hamorao e ileng ea e-ba ntate-moholo oa Morena Davida. Metsoalle ea Naomi e ile ea thaba. Ea re: ‘Jehova o u file Ruthe, ea u hlokometseng. Joale u na le setloholo sa moshanyana. E se eka Jehova a ka rorisoa.’

“Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.”—Liproverbia 18:24