Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 33

Ruthe le Naomi

Ruthe le Naomi

Naomi o ile a fallela naheng ya Moabe hammoho le monna wa hae le bara ba bona ba babedi kaha ho ne ho e na le tlala naheng ya Iseraele. Hamorao, monna wa Naomi o ile a hlokahala. Bara ba hae ba ile ba nyala basadi ba Moabe, e leng Ruthe le Orpa. Empa ka maswabi bara bao ba Naomi le bona ba ile ba hlokahala.

Ha Naomi a utlwa hore tlala e fedile Iseraele, o ile a etsa qeto ya ho kgutlela teng. Ruthe le Orpa ba tsamaya le yena, mme ha ba le tseleng a re ho bona: ‘Le ne le le basadi ba molemo ho nna le ho bara ba ka. Ke lakatsa hore le nyalwe hape. Kgutlelang Moabe.’ Basadi bao ba re: ‘Re a o rata! Hape ha re batle ho o siya.’ Naomi a nna a ba kopa hore ba kgutlele habo bona. Qetellong, Orpa o ile a kgutla empa Ruthe a hana. Naomi o ile a re ho Ruthe: ‘Orpa o kgutlela ho batho ba habo le ho medimo ya habo. Kgutla le yena.’ Empa Ruthe a re: ‘Nke ke ka o siya. Batho ba heno e tla ba batho ba heso, le Modimo wa hao e tla ba Modimo wa ka.’ O nahana hore Naomi o ile a ikutlwa jwang ha Ruthe a tjho jwalo?

Ha Ruthe le Naomi ba fihla Iseraele, e ne e le nakong eo ho kotulwang harese ka yona. Ka letsatsi le leng, Ruthe a ya ho bokella harese e setseng tshimong ya mora wa Rahaba ya bitswang Boaze. Boaze a utlwa hore Ruthe ke mosadi wa Momoabe ya ileng a hana ho arohana le matsale wa hae. A re batho ba mo sebeletsang ha ba kotula ba siele Ruthe harese.

Mantsiboyeng ao, Naomi a botsa Ruthe a re: ‘O ne o ntse o bokella tshimong ya mang tsatsing lee?’ Ruthe a re: ‘Tshimong ya monna ya bitswang Boaze.’ Naomi a re: ‘Boaze o amana le monna wa ka. O nne o sebetse tshimong ya hae le basadi ba bang. O tla sireletseha ha o le moo.’

Ruthe o ile a sebetsa tshimong ya Boaze ho fihlela ho qetilwe ho kotula. Boaze o ile a bona hore Ruthe o sebetsa ka thata le hore ke mosadi ya molemo. Mehleng eo, haeba monna a ne a hlokahala a se na bara, motho ya amanang le yena o ne a ka nyala mosadi wa hae. Ke lona lebaka le entseng hore Boaze a nyale Ruthe. Ba ile ba e ba le mora ya bitswang Obede, eo hamorao e ileng ya e ba ntatemoholo wa Morena Davida. Metswalle ya Naomi e ile ya thaba. Ya re: ‘Jehova o o file Ruthe, ya o hlokometseng, jwale o na le setloholo sa moshanyana. E se eka Jehova a ka roriswa.’

“Ho na le motswalle ya kgomarelang haufi ho feta morabo motho.”—Liproverbia 18:24