Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 34

Gideone o Hlola Bamidiane

Gideone o Hlola Bamidiane

Ha nako e ntse e ea, Baiseraele ba ile ba boela ba se ke ba mamela Jehova ’me ba qala ho rapela melimo ea bohata. Bamidiane ba ile ba utsoa liphoofolo tsa Baiseraele ’me ba senya lijalo tsa bona ka lilemo tse supileng. Kahoo, Baiseraele ba ipatela Bamidiane ka mahaheng le lithabeng. Ba kopa Jehova hore a ba thuse. Eaba Jehova o romela lengeloi ho mohlankana ea bitsoang Gideone. Lengeloi leo la re: ‘Jehova o u khethile hore u be lesole le matla.’ Gideone a re: ‘Ke tla thusa Baiseraele ka’ng ke se na letho?’

Gideone o ile a tseba joang hore Jehova o mo khethile? O ile a beha boea fatše eaba o re ho Jehova: ‘Hoseng ha nka fumana boea bona bo le metsi ke phoka empa fatše ho omme, ke tla tseba hore u nkhethile hore ke thuse Baiseraele.’ Hoseng, ho ne ho omme fatše empa boea bo le metsi. Ka le hlahlamang, Gideone a kopa Jehova hore a etse hore fatše ho be metsi empa boea bo ome. Ho ile ha e-ba joalo. Kahoo Gideone a lumela hore ehlile Jehova o khethile eena. A tsamaea le masole a hae ho ea loantša Bamidiane.

Jehova o ile a re ho Gideone: ‘Baiseraele ba tla hlola Bamidiane. Empa kaha masole a hao a mangata, u ka ’na oa nahana hore u hlotse Bamidiane ka matla a hao. Bolella masole a tšabang ho ea ntoeng hore a khutlele hae.’ Kahoo, masole a 22 000 a khutlela hae, eaba ho sala a 10 000. Eaba Jehova o re: ‘Masole a setseng a ntse a le mangata haholo. E re a ee nokeng ho ea noa metsi. U siee feela masole a noang metsi a shebile ba lireng.’ Ho ile ha sala masole a 300 feela. Jehova o ile a re masole ao a 300 a tla hlola masole a 135 000 a Bamidiane.

Bosiung boo, Jehova o ile a re ho Gideone: ‘Joale ke nako ea hore u loantše Bamidiane.’ Gideone o ile a fa masole a hae manaka le mabone. A re ho ’ona: ‘Nchebeng, le nketsise.’ Gideone o ile a letsa lenaka la hae, a pshatla nkho ea hae, a tsoka lebone la hae eaba oa hoeletsa o re: ‘Sabole ea Jehova le ea Gideone!’ Masole ao a 300 a ile a mo etsisa. Bamidiane ba ile ba tšoha, eaba baa baleha. Ha ba ntse ba baleha joalo, ba qala ho loantšana ka bobona. Jehova o ile a thusa Baiseraele hape hore ba hlole lira tsa bona.

“E le hore matla a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.”—2 Bakorinthe 4:7