Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 34

Gideone o Hlola Bamidiane

Gideone o Hlola Bamidiane

Ha nako e ntse e ya, Baiseraele ba ile ba boela ba se ke ba mamela Jehova mme ba qala ho rapela medimo ya bohata. Bamidiane ba ile ba utswa diphoofolo tsa Baiseraele mme ba senya dijalo tsa bona ka dilemo tse supileng. Kahoo, Baiseraele ba ipatela Bamidiane ka mahaheng le dithabeng. Ba kopa Jehova hore a ba thuse. Yaba Jehova o romella lengeloi ho mohlankana ya bitswang Gideone. Lengeloi leo la re: ‘Jehova o o kgethile hore o be lesole le matla.’ Gideone a re: ‘Ke tla thusa Baiseraele jwang ke se letho?’

Gideone o ile a tseba jwang hore Jehova o mo kgethile? O ile a beha boya fatshe yaba o re ho Jehova: ‘Hoseng ha nka fumana boya bona bo le metsi ke phoka, empa fatshe ho omme, ke tla tseba hore o nkgethile hore ke thuse Baiseraele.’ Hoseng, ho ne ho omme fatshe empa boya bo le metsi! Ka le hlahlamang, Gideone a kopa Jehova hore a etse hore fatshe ho be metsi empa boya bo ome. Ho ile ha e ba jwalo, kahoo Gideone a dumela hore ehlile Jehova o kgethile yena. A tsamaya le masole a hae ho ya lwantsha Bamidiane.

Jehova o ile a re ho Gideone: ‘Baiseraele ba tla hlola Bamidiane. Empa kaha masole a hao a mangata, o ka nna wa nahana hore o hlotse Bamidiane ka matla a hao. Bolella masole a tshabang ho ya ntweng hore a kgutlele hae.’ Kahoo, masole a 22 000 a kgutlela hae, ha sala a 10 000. Yaba Jehova o re: ‘Masole a setseng a ntse a le mangata haholo. E re a ye nokeng ho ya nwa metsi. O siye feela masole a nwang metsi a ntse a shebile dira tsa bona.’ Ho ile ha sala masole a 300 feela. Jehova o ile a re masole ao a 300 a tla hlola masole a 135 000 a Bamidiane.

Bosiung boo, Jehova o ile a re ho Gideone: ‘Jwale ke nako ya hore o lwantshe Bamidiane.’ Gideone o ile a fa masole a hae manaka le dinkgo tse kentseng mabone ka hare. A re ho ona: ‘Ntjhebeng, le etse seo ke se etsang.’ Gideone o ile a letsa lenaka la hae, a tjhwatla nkgo ya hae, a tsoka lebone la hae yaba o a hweletsa o re: ‘Sabole ya Jehova le ya Gideone!’ Masole ao a 300 a ile a mo etsisa. Bamidiane ba ile ba tshoha yaba ba a baleha. Ha ba ntse ba baleha jwalo, ba qala ho lwantshana ka bobona. Jehova o ile a thusa Baiseraele hape hore ba hlole dira tsa bona.

“E le hore matla a fetang se tlwaelehileng e ka ba a Modimo eseng a tswang ho rona.”—2 Bakorinthe 4:7