Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 35

Anna o Kopa Molimo Hore a mo fe Mora

Anna o Kopa Molimo Hore a mo fe Mora

Monna oa Moiseraele ea bitsoang Elkana o ne a e-na le basali ba babeli, e leng Anna le Penina, ’me a rata Anna ho feta Penina. Penina o ne a lula a soma Anna hobane a se na bana empa eena a e-na le ba bangata. Elkana o ne a tsamaea le ba lelapa la hae selemo le selemo ho ea rapela tabernakeleng e Shilo. Ka le leng ha ba le moo, a bona hore Anna o utloile bohloko haholo. Eaba o re: ‘Anna, u se ke oa lla. Ke ntse ke na le uena. Kea u rata.’

Hamorao, Anna o ile a e’o rapela a le mong. O ne a ntse a lla ha a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a re: ‘Jehova, haeba u ka mpha mora, ke tla u fa eena hore a u sebeletse bophelo bohle ba hae.’

Moprista ea phahameng Eli, o ile a bona Anna a ntse a lla eaba o nahana hore o tahiloe. Empa Anna a re ho eena: ‘Che moren’a ka, ha kea tahoa. Ke ntse ke bolella Jehova bothata ba ka.’ Eli o ile a hlokomela hore o entse phoso ha a re Anna o tahiloe eaba o re: ‘E se eka Molimo a ka araba lithapelo tsa hao.’ Anna o ile a ikutloa a imolohile, eaba oa tsamaea. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, o ile a ba le mora eaba o mo reha Samuele. U ka inahanela feela hore na Anna o ile a thaba hakaakang!

Anna ha aa ka a lebala tšepiso ea hae ho Jehova. O ile a isa Samuele tabernakeleng a sa le monyenyane hore a e’o sebeletsa Jehova. O ile a re ho Eli: ‘Enoa ke mora eo ke ileng ka rapela Jehova hore a mphe eena. Ke fana ka eena hore a mo sebeletse bophelo bohle ba hae.’ Elkana le Anna ba ne ba chakela Samuele selemo se seng le se seng, ba mo tlisetsa liaparo. Jehova o ile a fa Anna bara ba bang ba bararo le barali ba babeli.

“Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana.”—Matheu 7:7