Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 35

Anna o Rapella ho ba le Mora

Anna o Rapella ho ba le Mora

Monna wa Moiseraele ya bitswang Elkana o ne a e na le basadi ba babedi, e leng Anna le Penina, mme a rata Anna ho feta Penina. Penina o ne a dula a soma Anna hobane a se na bana empa yena a e na le ba bangata. Elkana o ne a tsamaya le ba lelapa la hae selemo le selemo ho ya rapela tabernakeleng e Shilo. Ka le leng ha ba le moo, a bona hore Anna o utlwile bohloko haholo. Yaba o re: ‘Anna, o se ke wa lla. Ke ntse ke na le wena. Ke a o rata.’

Hamorao, Anna o ile a ya rapela a le mong. O ne a ntse a lla ha a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a re: ‘Jehova, haeba o ka mpha mora, ke tla o fa yena hore a o sebeletse bophelo bohle ba hae.’

Moprista ya phahameng Eli, o ile a bona Anna a ntse a lla yaba o nahana hore o tahilwe. Empa Anna a re ho yena: ‘Tjhe morena ka, ha ke a tahwa. Ke ntse ke bolella Jehova bothata ba ka.’ Eli o ile a hlokomela hore o entse phoso ha a re Anna o tahilwe yaba o re: ‘E se eka Modimo a ka o fa seo o se kopang.’ Anna o ile a ikutlwa a imolohile yaba o a tsamaya. Ka mora dikgwedi tse seng kae, o ile a ba le mora yaba o mo reha Samuele. O ka inahanela feela hore na Anna o ile a thaba hakaakang!

Anna ha aa ka a lebala tshepiso ya hae ho Jehova. O ile a isa Samuele tabernakeleng a sa le monyenyane hore a ilo sebeletsa Jehova. O ile a re ho Eli: ‘Enwa ke mora eo ke ileng ka rapela Jehova hore a mphe yena. Ke fana ka yena hore a mo sebeletse bophelo bohle ba hae.’ Elkana le Anna ba ne ba tjhakela Samuele selemo se seng le se seng, ba mo tlisetsa diaparo. Jehova o ile a fa Anna bara ba bang ba bararo le baradi ba babedi.

“Le nne le kope, mme le tla fuwa; le nne le batle, mme le tla fumana.”—Matheu 7:7