Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 36

Tšepiso ea Jafeta

Tšepiso ea Jafeta

Baiseraele ha baa ka ba mamela Jehova. Ba ile ba boela ba rapela melimo ea bohata. Melimo eo ha ea ka ea ba thusa ha Baammone ba ba loantša. Baiseraele ba ile ba sotleha ka lilemo tse ngata. Qetellong ba re ho Jehova: ‘Re entse sebe. Re kopa u re sireletse ho lira tsa rona.’ Eaba ba senya litšoantšo tseo ba neng ba li rapela ’me ba rapela Jehova hape. Jehova o ne a sa rate ha ba sotleha.

Jehova o ile a khetha monna e mong ea bitsoang Jafeta hore a etelle pele masole a Baiseraele ha a il’o loantša Baammone. Jafeta o ile a re ho Jehova: ‘Ha u ka re thusa ho hlola ntoeng ena, ke tla u fa motho oa pele ea tla tsoa ka tlung ea ka ho nkhahlametsa.’ Jehova o ile a mamela thapelo ea Jafeta, eaba o mo thusa hore a hlole ntoeng eo.

Ha Jafeta a khutla ntoeng, motho oa pele ea ileng a tsoa ho tla mo khahlametsa ke morali oa hae, ngoana ea mong feela. O ile a tla a ntse a tantša, a letsa moropa. Jafeta o ile a etsa’ng? O ile a hopola tšepiso ea hae eaba o re: ‘Ao, morali oa ka! U nkutloisitse bohloko. Ke tšepisitse Jehova hore motho ea tla tsoa pele ho tla nkhahlametsa, ke tla fana ka eena tabernakeleng Shilo. Kahoo, ke lokela ho fana ka uena tabernakeleng.’ Morali oa hae a re ho eena: ‘Ntate, haeba u tšepisitse Jehova, phetha tšepiso ea hao. Empa pele ke ea, ke kopa ho qeta likhoeli tse peli le metsoalle ea ka thabeng. Ka mor’a moo ke tla ea Shilo.’ Morali oa Jafeta o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi tabernakeleng bophelo bohle ba hae. Metsoalle ea hae e ne e mo chakela Shilo selemo le selemo.

“Ea ratang mora kapa morali ho mpheta ha a ntšoanele.”—Matheu 10:37