Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 36

Tshepiso ya Jafeta

Tshepiso ya Jafeta

Baiseraele ha ba a ka ba mamela Jehova, ba ile ba boela ba rapela medimo ya bohata. Medimo eo ha e ya ka ya ba thusa ha Baammone ba ba lwantsha. Baiseraele ba ile ba sotleha ka dilemo tse ngata. Qetellong ba re ho Jehova: ‘Re entse sebe. Re kopa o re sireletse ho dira tsa rona.’ Yaba ba senya medimo eo ya bohata mme ba rapela Jehova hape. Jehova o ne a sa rate ha ba sotleha.

Jehova o ile a kgetha monna e mong ya bitswang Jafeta hore a etelle pele masole a Baiseraele ha a ilo lwantsha Baammone. Jafeta o ile a re ho Jehova: ‘Ha o ka re thusa ho hlola ntweng ena, ke tla o fa motho wa pele ya tla tswa ka tlung ya ka ho nkgahlametsa.’ Jehova o ile a mamela thapelo ya Jafeta yaba o mo thusa hore a hlole ntweng eo.

Ha Jafeta a kgutla ntweng motho wa pele ya ileng a tswa ho tla mo kgahlametsa ke moradi wa hae, ngwana ya mong feela. O ile a tla a ntse a tantsha, a letsa moropa. Jafeta o ile a etsang? O ile a hopola tshepiso ya hae yaba o re: ‘Ao, moradi wa ka! O nkutlwisitse bohloko. Ke tshepisitse Jehova hore motho ya tla tswa pele ho tla nkgahlametsa, ke tla fana ka yena tabernakeleng Shilo. Kahoo, ke lokela ho fana ka wena tabernakeleng.’ Moradi wa hae a re ho yena: ‘Ntate, haeba o tshepisitse Jehova, phetha tshepiso ya hao. Empa pele ke ya, ke kopa ho qeta dikgwedi tse pedi le metswalle ya ka thabeng. Ka mora moo ke tla ya Shilo.’ Moradi wa Jafeta o ile a sebeletsa Jehova ka botshepehi tabernakeleng bophelo bohle ba hae. Metswalle ya hae e ne e mo tjhakela Shilo selemo le selemo.

“Ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntshwanele.”​—Matheu 10:37