Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 38

Jehova o fa Samsone Matla

Jehova o fa Samsone Matla

Baiseraele ba bangata ba ile ba boela ba rapela litšoantšo. Kahoo Jehova a lumella Bafilista hore ba hape naha ea bona. Empa ho ne ho ntse ho e-na le Baiseraele ba ratang Jehova. E mong oa bona e ne e le Manooa. Eena le mosali oa hae ba ne ba se na bana. Ka letsatsi le leng Jehova a romela lengeloi ho mosali oa Manooa. La re ho eena: ‘U tla ba le mora. O tla pholosa Baiseraele ho Bafilista. E tla ba Monazari.’ Na oa tseba hore na Banazari ke bo-mang? Banazari ba ne ba sebeletsa Jehova ka tsela e khethehileng. Ba ne ba sa lumelloe ho kuta moriri.

Ha nako e ntse e ea, Manooa o ile a ba le mora ’me a mo reha Samsone. Ha Samsone a ntse a hola, Jehova o ile a etsa hore a be matla haholo. O ile a bolaea tau ka matsoho. Ka letsatsi le leng, Samsone o ile a bolaea Bafilista ba 30 a le mong. Bafilista ba ne ba sa mo rate, ba lula ba batla ho mo bolaea. Ka le leng, Samsone o ne a robetse Gaza, eaba ba mo lalla keiting e le hore hoseng ha a tsoa, ba tle ba mo bolaee. Empa a tsoha har’a bosiu, a ntša keiti lerakong la motse ’me a tsamaea ka eona. A hloella thabeng e pel’a Hebrone ka eona.

Hamorao, Bafilista ba ea ho kharebe ea hae Delila, eaba ba re: ‘Re tla u patala likotoana tse sekete tsa silevera ha u ka re fumanela hore na monna enoa o nka matla a hae hokae. Re batla ho mo tšoara re mo kenye teronkong.’ Kaha Delila o ne a batla chelete eo, o ile a lumela. Qalong Samsone o ile a hana ho mo bolella hore na o nka matla a hae hokae. Empa Delila a mo emella ho fihlela a mo bolella. A re ho eena: ‘Ha ke e-s’o kute moriri kaha ke Monazari. Ha nka o kuta, ke tla felloa ke matla.’ Na Samsone o ne a nepile ka hore a mo bolelle?

Eaba Delila o re ho Bafilista: ‘Kea tseba hore na o nka matla a hae hokae!’ Kahoo, a robatsa Samsone liropeng tsa hae ’me a re motho e mong a mo kute. Delila a hoeletsa a re: ‘Samsone Bafilista ke bao!’ Ha Samsone a tsoha, matla a hae a ne a se a felile. Bafilista ba mo tšoara, ba mo fasa eaba ba mo kenya teronkong.

Ka letsatsi le leng, ha Bafilista ba le tempeleng ea molimo oa bona ea bitsoang Dagone, ba hoeletsa ba re: ‘Molimo oa rona o re file Samsone! Mo ntšeng, re bapaleng ka eena.’ Ba mo emisa pel’a lipalo tse peli ’me ba mo soma. Samsone a hoeletsa a re: ‘Jehova, ke kopa u boele u mphe matla.’ Moriri oa Samsone o ne o se o holile. Eaba o sutumetsa lipalo tseo ka matla a hae kaofela ’me mohaho oo oa oa, oa oela batho kaofela, ba shoa hammoho le Samsone.

“Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13