Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 38

Jehova o fa Samsone Matla

Jehova o fa Samsone Matla

Baiseraele ba bangata ba ile ba boela ba rapela medimo ya ditshwantsho, kahoo Jehova a dumella Bafilista hore ba nke naha ya bona. Empa ho ne ho ntse ho e na le Baiseraele ba ratang Jehova. E mong wa bona e ne e le Manowa. Yena le mosadi wa hae ba ne ba se na bana. Ka letsatsi le leng Jehova a romela lengeloi ho mosadi wa Manowa. La re ho yena: ‘O tla ba le mora ya tla pholosa Baiseraele ho Bafilista. E tla ba Monazari.’ Na o a tseba hore na Banazari ke bomang? Banazari ba ne ba sebeletsa Jehova ka tsela e kgethehileng. Ba sa dumellwa ho kuta moriri.

Ha nako e ntse e ya, Manowa o ile a ba le mora mme a mo reha Samsone. Ha Samsone a ntse a hola, Jehova o ile a etsa hore a be matla haholo. O ile a bolaya tau ka matsoho a hae. Ka letsatsi le leng, Samsone o ile a bolaya Bafilista ba 30 a le mong. Bafilista ba ne ba sa mo rate, ba dula ba batla ho mo bolaya. Ka le leng, Samsone o ne a robetse Gaza, yaba ba mo lalla keiting e le hore hoseng ha a feta ba tle ba mo bolaye. Empa a tsoha hara bosiu a ntsha keiti lerakong la motse a tsamaya ka yona. A hlwella thabeng e pela Hebrone a e jere!

Hamorao, Bafilista ba ya ho kgarebe ya hae e leng Delila, yaba ba re: ‘Re tla o patala dikotwana tse sekete tsa silevera ha o ka re fumanela hore na monna enwa o nka matla a hae hokae. Re batla ho mo tshwara re mo kenye teronkong.’ Kaha Delila o ne a batla tjhelete eo, o ile a dumela. Qalong Samsone o ile a hana ho mo bolella hore na o nka matla a hae hokae. Empa Delila a mo emella ho fihlela a mo bolella. A re ho yena: ‘Ha ke so kute moriri kaha ke Monazari. Ha nka o kuta, ke tla fellwa ke matla.’ Na Samsone o ne a nepile ka hore a mo bolelle?

Yaba Delila o re ho Bafilista: ‘Ke a tseba hore na o nka matla a hae hokae!’ Kahoo, a robatsa Samsone diropeng tsa hae mme a re motho e mong a mo kute. Delila a hweletsa a re: ‘Samsone Bafilista ke bao!’ Ha Samsone a tsoha, matla a hae a ne a se a fedile. Bafilista ba mo tshwara, ba mo ntsha mahlo yaba ba mo kenya teronkong.

Ka letsatsi le leng, ha Bafilista ba le tempeleng ya modimo wa bona ya bitswang Dagone, ba hweletsa ba re: ‘Modimo wa rona o re file Samsone! Mo ntsheng. Re bapaleng ka yena.’ Ba mo emisa pela dipalo tse pedi mme ba mo phoqa. Samsone a hweletsa a re: ‘Jehova, ke kopa o boele o mphe matla.’ Moriri wa Samsone o ne o se o hodile. Yaba o sutumetsa dipalo tseo ka matla a hae kaofela. Mohaho oo wa wela batho kaofela, yaba ba shwa hammoho le Samsone.

“Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13