Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 39

Morena wa Pele wa Iseraele

Morena wa Pele wa Iseraele

Jehova o ne a kgethile baahlodi hore ba etelle Baiseraele pele, empa Baiseraele bona ba re ba batla morena. Ba re ho Samuele: ‘Ditjhaba tse ding tsohle di na le marena. Le rona re batla morena.’ Samuele o ne a sa rate seo, kahoo a rapela Jehova ka taba ena. Jehova a re ho yena: ‘Batho bana ha ba lahle wena. Ba lahla nna. Ba bolelle hore ba tla ba le morena, empa morena eo o tla ba batla dintho tse ngata.’ Baiseraele ba re: ‘Ha ho na taba. Re batla morena!’

Jehova a bolella Samuele hore monna ya bitswang Saule e tla ba yena morena wa pele. Ha Saule a etetse Samuele, Rama, Samuele a mo tlotsa ka oli hloohong hore ebe morena.

Hamorao Samuele a bitsa Baiseraele ho tla ba bontsha morena wa bona e motjha. Empa ha ba fihla, ba fumana Saule a le siyo. Na o a tseba hore na o ne a le hokae? O ne a ipatile hara thoto. Qetellong ha ba mo fumana, ba mo emisa ka pela setjhaba. Saule o ne a le molelele ho feta batho bohle mme a le motle haholo. Samuele a re: ‘Bonang motho eo Jehova a mo kgethileng hore ebe morena wa lona.’ Baiseraele ba hweletsa ba re: ‘Morena a re phelele!’

Qalong, Morena Saule o ne a mamela Samuele mme a hlompha Jehova. Empa ha nako e ntse e ya, a fetoha. Ka mohlala, morena o ne a sa tshwanela ho etsa mahlabelo. Ka lekgetlo le leng, Samuele o ile a re Saule a mo emele, empa a dieha ho tla. Yaba Saule o etsa qeto ya hore o tla etsa sehlabelo seo. Samuele o ile a reng? O ile a re: ‘O ne o sa lokela ho tlola molao wa Jehova.’ Na Saule o ile a ithuta phosong ya hae?

Hamorao, ha Saule a ilo lwantsha Baamaleke, Samuele o ile a mo bolella hore a ba bolaye kaofela. Empa Saule a kgetha ho se bolaye Morena Agage. Jehova o ile a re ho Samuele: ‘Saule o mphuraletse, ha a sa mmamela.’ Samuele o ile a utlwa bohloko haholo, mme a re ho Saule: ‘Kaha ha o batle ho mamela, Jehova o tlo kgetha morena e mong.’ Ha Samuele a furalla a tsamaya, Saule a mo tshwara ka seaparo mme sa taboha. Yaba Samuele o re ho Saule: ‘Jehova o tlo o amoha mmuso.’ Jehova o ile a fela a mo amoha wona mme a o fa motho ya mo ratang le ya mo mamelang.

“Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.”​—1 Samuele 15:22