Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 40

Davida le Goliathe

Davida le Goliathe

Jehova o ile a re ho Samuele: ‘E-ea lelapeng la Jese. E mong oa bara ba hae e tla ba morena oa Iseraele.’ Kahoo, Samuele a ea lelapeng la Jese. Ha a bona mora e moholo, a re: ‘Enoa e tlameha ebe ke eena ea khethiloeng ke Jehova.’ Empa Jehova a bolella Samuele hore ha se eena. A re: ‘Ke sheba se ka pelong ea motho, eseng ponahalo ea hae feela.’

Jese o ile a tlisa bara ba hae ba bang ba tšeletseng ho Samuele. Empa Samuele a re ho eena: ‘Ha ho eo Jehova a mo khethileng ho bana. Na u na le bara ba bang?’ Jese a re: ‘Ke na le e mong oa ho fela. Lebitso la hae ke Davida. O lisitse linku.’ Ha Davida a fihla, Jehova a re ho Samuele: ‘Ke khethile enoa.’ Samuele a tšela Davida ka oli hloohong, a mo tlotsa hore e be morena oa Iseraele.

Ha nako e ntse e ea, Baiseraele ba ile ba ea ntoeng le Bafilista ’me Bafilista ba ne ba e-na le lesole la seqhenqha le bitsoang Goliathe. Goliathe o ne a rohaka Baiseraele letsatsi le letsatsi. O ile a hoeletsa a re: ‘Romelang monna ea tla loana le ’na. Ha a ka ntlhola, re tla ba makhoba a lona. Empa ha nka mo hlola le tla ba makhoba a rona.’

Davida o ne a tliselitse bo-abuti oa hae ba neng ba le lebothong la Iseraele lijo. Ha a utloa hore na Goliathe o re’ng, a re: ‘Ke tla ea ke il’o mo loantša!’ Morena Saule a re: ‘Empa u sa le moshanyana.’ Davida a mo araba, a re: ‘Jehova o tla nthusa.’

Saule o ile a fa Davida liaparo tsa hae tsa ntoa, empa Davida a re: ‘Liaparo tsena lia nkimela. Nke ke ka khona ho loana ke li apere.’ Eaba Davida o nka seqha sa hae a ea nokeng. A khetha majoe a mahlano a boreleli, a a kenya ka mokotleng oa hae. Eaba o mathela ho Goliathe. Goliathe a hoeletsa, a re: ‘Moshanyana tooe! Tloo koano. Ke tl’o u fa linonyana tsa leholimo le liphoofolo tse hlaha.’ Empa Davida ha aa ka a tšoha. A mo araba, a re : ‘U tla ho ’na ka sabole le lerumo, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova. Ha u loantše rona, empa u loantša Molimo. Batho bohle ba tla bona hore Jehova o matla ho feta sabole kapa lerumo. O tla re thusa hore re le hlole.’

Davida a kenya lejoe seqheng sa hae eaba o le betsa ka matla ’ohle a hae. Jehova a mo thusa hore a otle Goliathe ka lejoe leo phatleng. Goliathe a oela fatše ’me a shoa. Eaba Bafilista baa baleha. Na le uena u tšepa Jehova joaloka Davida?

“Ho batho ho ke ke ha khoneha, empa ho Molimo ha ho joalo, kaha lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”—Mareka 10:27