Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 40

Davida le Goliathe

Davida le Goliathe

Jehova o ile a re ho Samuele: ‘E ya lelapeng la Jese. E mong wa bara ba hae e tla ba morena wa Iseraele.’ Kahoo, Samuele a ya lelapeng la Jese. Ha a bona mora e moholo, a re: ‘Enwa e tlameha ebe ke yena ya kgethilweng ke Jehova.’ Empa Jehova a bolella Samuele hore hase yena. A re: ‘Ke sheba se ka pelong ya motho, eseng ponahalo ya hae feela.’

Jese o ile a tlisa bara ba hae ba bang ba tsheletseng ho Samuele. Empa Samuele a re ho yena: ‘Ho bana ha ho eo Jehova a mo kgethileng. Na o na le bara ba bang?’ Jese a re: ‘Ke na le e mong wa ho fela, lebitso la hae ke Davida. O disitse dinku.’ Ha Davida a fihla, Jehova a re ho Samuele: ‘Ke kgethile enwa!’ Samuele a tshela Davida ka oli hloohong, a mo tlotsa hore e be morena ya latelang wa Iseraele.

Ha nako e ntse e ya, Baiseraele ba ile ba ya ntweng le Bafilista, mme Bafilista ba ne ba e na le lesole la senatla le bitswang Goliathe. Goliathe o ne a rohaka Baiseraele letsatsi le letsatsi. O ile a hweletsa a re: ‘Romelang monna ya tla lwana le nna. Ha a ka ntlhola, re tla ba makgoba a lona. Empa ha nka mo hlola le tla ba makgoba a rona.’

Davida o ne a tliseditse bo abuti ba hae ba neng ba le lebothong la Iseraele dijo. Ha a utlwa dipolelo tsa Goliathe a re: ‘Ke tla ya ke ilo mo lwantsha!’ Morena Saule a re: ‘Empa o sa le moshanyana.’ Davida a mo araba, a re: ‘Jehova o tla nthusa.’

Saule o ile a fa Davida diaparo tsa hae tsa ntwa, empa Davida a re: ‘Diaparo tsena dia nkimela, nke ke ka kgona ho lwana ke di apere.’ Yaba Davida o nka letjeketjane la hae o ya nokeng. A kgetha majwe a mahlano a boreledi, a a kenya ka mokotleng wa hae. A ntano mathela ho Goliathe. Senatla seo sa hweletsa, sa re: ‘Moshanyana towe, tloo kwano. Ke tlo o fa dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo tse hlaha.’ Empa Davida ha aa ka a tshoha. A mo araba, a re : ‘O tla ho nna ka sabole le lerumo, empa nna ke tla ho wena ka lebitso la Jehova. Ha o lwantshe rona empa o lwantsha Modimo. Batho bohle ba tla bona hore Jehova o matla ho feta sabole kapa lerumo. O tla re thusa hore re le hlole.’

Davida a kenya lejwe letjeketjaneng la hae yaba o le betsa ka matla ohle a hae. Jehova a mo thusa hore a otle Goliathe ka lejwe leo phatleng. Senatla seo sa wela fatshe. Yaba Bafilista ba a baleha. Na le wena o tshepa Jehova jwaloka Davida?

“Ho batho ho ke ke ha kgoneha, empa ho Modimo ha ho jwalo, kaha dintho tsohle dia kgoneha ho Modimo.”—Mareka 10:27