Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 41

Davida le Saule

Davida le Saule

Ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, Morena Saule o ile a mo beha hore e be molaoli oa sesole sa hae. Davida o ile a hlola lintoeng tse ngata ’me a tsebahala haholo. Kamehla ha Davida a tsoa ntoeng, basali ba ne ba mo khahlametsa ba ntse ba tantša ’me ba bina ba re: ‘Saule o bolaile ba likete, ha Davida eena a bolaile ba likete tse mashome!’ Saule a ba mona ’me a batla ho mo bolaea.

Davida o ne a letsa harepa hamonate. Ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a letsetsa Saule harepa, Saule o ile a mo betsa ka lerumo. Davida o ile a le qoba eaba le otla leboteng. Ka mor’a moo, Saule o ile a leka ka makhetlo a mangata ho bolaea Davida. Qetellong Davida a baleha a e’o ipata ka ntle ho motse.

Saule o ile a tsamaea le masole a 3 000 ho ea tsoma Davida. A kena ka lehaheng leo Davida le banna ba hae ba neng ba ipatile ka ho lona. Banna ba tsamaeang le Davida ba re: ‘Ona ke monyetla oa hore u bolaee Saule.’ Eaba Davida o atamela pel’a Saule, a seha seaparo sa hae. Empa Saule ha aa ka a utloa. Ka mor’a moo, Davida a ikoahlaela hore ebe ha aa hlompha morena eo Jehova a mo khethileng. O ile a hanela banna ba hae ho loantša Saule. A hoeletsa Saule a mo bolella hore a ka be a mo bolaile ha a rata. Na Saule o ile a fetola maikutlo a hae ka Davida?

Che. Saule o ile a tsoela pele ho tsoma Davida. Ka bosiu bo bong Davida le Abishai ba ile ba ea tenteng ea Saule. Ba fumana le molebeli oa Saule ea bitsoang Abnere a robetse. Abishai a re: ‘Re fumane monyetla joale. E re ke mo bolaee.’ Davida a mo araba, a re: ‘Jehova ke eena ea tla ahlola Saule. A re nke lerumo la hae le jeke ea hae ea metsi.’

Davida a hloella thabeng e haufi le moo Saule a neng a robetse teng. Eaba oa hoeletsa o re: ‘Abnere, ke hobane’ng ha u sa sireletsa morena oa hao? Lerumo la morena le jeke ea hae ea metsi li kae?’ Saule a tseba lentsoe la Davida ’me a re: ‘U ka be u mpolaile, empa ha oa etsa joalo. Kea tseba hore u tl’o ba morena ea latelang oa Iseraele.’ Ka mor’a moo, Saule a khutlela ntlong ea hae ea borena. Leha ho le joalo, ba bang ka lapeng la Saule ba ne ba sa hloea Davida.

“Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka.”—Baroma 12:18, 19