Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 41

Davida le Saule

Davida le Saule

Ka mora hore Davida a bolaye Goliathe, Morena Saule o ile a mo beha hore e be molaodi wa sesole sa hae. Davida o ile a hlola dintweng tse ngata mme kahoo a tsebahala haholo. Kamehla ha Davida a tswa ntweng basadi ba ne ba mo kgahlametsa ba ntse ba tantsha mme ba bina ba re: ‘Saule o bolaile ba dikete, ha Davida yena a bolaile ba dikete tse mashome!’ Saule o ile a jella Davida mona mme a batla ho mo bolaya.

Davida o ne a letsa harepa hamonate. Ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a letsetsa Saule harepa, morena o ile a mo betsa ka lerumo. Davida o ile a le qoba yaba le otla leboteng. Ka mora moo, Saule o ile a leka ka makgetlo a mangata ho bolaya Davida. Qetellong Davida a baleha a ilo ipata ka ntle ho motse.

Saule o ile a tsamaya le masole a 3 000 ho ya tsoma Davida. A kena ka lehaheng leo Davida le banna ba hae ba neng ba ipatile ka ho lona. Banna ba tsamayang le Davida ba re: ‘Ona ke monyetla wa hore o bolaye Saule.’ Yaba Davida o ya a nanya ho Saule, mme a seha seaparo sa hae. Empa Saule ha aa ka a utlwa. Ka mora moo, Davida a ikwahlaela hore ebe ha aa hlompha morena eo Jehova a mo kgethileng. O ile a hanela banna ba hae ho lwantsha Saule. A hweletsa Saule a mo bolella hore a ka be a mo bolaile ha a rata. Na Saule o ile a fetola maikutlo a hae ka Davida?

Tjhe. Saule o ile a tswela pele ho tsoma Davida. Ka bosiu bo bong Davida le motjhana wa hae Abishai ba ile ba ya tenteng ya Saule ba nanya. Ba fumana le molebedi wa Saule ya bitswang Abnere a robetse. Abishai a re: ‘Re fumane monyetla jwale! E re ke mo bolaye.’ Davida a mo araba, a re: ‘Jehova ke yena ya tla ahlola Saule. A re nke lerumo la hae le jeke ya hae ya metsi.’

Davida a hlwella thabeng e haufi le moo Saule a neng a robetse teng. Yaba o a hweletsa o re: ‘Abnere, ke hobaneng ha o sa sireletsa morena wa hao? Lerumo la morena le jeke ya hae ya metsi di kae?’ Saule a tseba lentswe la Davida mme a re: ‘O ka be o mpolaile, empa ha o a etsa jwalo. Ke a tseba hore o tlo ba morena wa Iseraele.’ Ka mora moo, Saule a kgutlela ntlong ya hae ya borena. Leha ho le jwalo, hase bohle ka lapeng la Saule ba neng ba hloile Davida.

“Haeba ho kgoneha, ho fihlela moo ho itshetlehileng ka lona, le be le kgotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuwa, empa le fe kgalefo sebaka.”—Baroma 12:18, 19