Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 42

Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala

Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala

Mora e moholo oa Morena Saule ea bitsoang Jonathane, e ne e le lesole le sebete. Davida o ile a re Jonathane o lebelo ho feta ntsu ebile o matla ho feta tau. Ka letsatsi le leng, Jonathane o ile a bona masole a 20 a Bafilista leralleng. Eaba o re ho motho ea mo jarelang libetsa: ‘Re tla ba hlasela hafeela Jehova a ka re fa letšoao. Ha Bafilista ba ka re re nyolohele ho bona, re tla tseba hore re lokela ho ba loantša.’ Bafilista ba hoeletsa, ba re: ‘Nyolohang re tl’o loana!’ Kahoo, banna bao ba babeli ba nyoloha ’me ba hlola masole ao a Bafilista.

Kaha Jonathane e ne e le mora e moholo oa morena Saule, e ne e lokela ho ba eena morena ea latelang. Empa Jonathane o ne a tseba hore Jehova o khethile Davida hore e be morena ea latelang oa Iseraele ’me ha aa ka a koata. Jonathane le Davida e ile ea e-ba metsoalle e meholo. Ba tšepisana hore ba tla sireletsana. Jonathane a fa Davida seaparo sa hae, sabole, seqha le lebanta ho bontša hore ke metsoalle. Na u ka rata ho ba le motsoalle ea joaloka Jonathane?

Ha Davida a ntse a baleha Saule, Jonathane o ile a ea ho eena ’me a re: ‘E-ba sebete ’me u be matla. Jehova o khethile uena hore u be morena. Le ntate oa tseba.’

Jonathane o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makhetlo a ’maloa e le hore a thuse motsoalle oa hae. Kaha o ne a tseba hore ntate oa hae o batla ho bolaea Davida, o ile a re ho eena: ‘U tla be u etsa sebe ha u ka bolaea Davida, hobane ha aa etsa letho le phoso. Davida oa u thusa.’ Saule o ile a halefela Jonathane. Lilemo hamorao Saule le Jonathane ba ile ba bolaeloa ntoeng.

Ka mor’a lefu la Jonathane, Davida o ile a batla mora oa Jonathane ea bitsoang Mefiboshethe. Ha a mo fumana, a re ho eena: ‘Kaha ntate oa hao e ne e le motsoalle oa ka, ke tla u hlokomela bophelo bohle ba hao. U tla lula ntlong ea ka ea borena ’me u tla ja le ’na tafoleng.’ Davida ha aa ka a lebala motsoalle oa hae Jonathane.

“Le ratane feela joalokaha ke le ratile. Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.”—Johanne 15:12, 13