Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 42

Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tshepahala

Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tshepahala

Mora e moholo wa Morena Saule ya bitswang Jonathane, e ne e le lesole le sebete. Davida o ile a re Jonathane o lebelo ho feta ntsu, ebile o matla ho feta tau. Ka letsatsi le leng, Jonathane o ile a bona masole a 20 a Bafilista leralleng. Yaba o re ho motho ya mo nkelang dibetsa: ‘Re tla ba hlasela hafeela Jehova a ka re fa letshwao. Ha Bafilista ba ka re re nyolohele ho bona, re tla tseba hore re lokela ho ba lwantsha.’ Bafilista ba hweletsa, ba re: ‘Nyolohang re tlo lwana!’ Kahoo, banna bao ba babedi ba nyoloha, mme ba hlola masole ao a Bafilista.

Kaha Jonathane e ne e le mora e moholo wa Saule, e ne e lokela ho ba yena morena ya latelang. Empa Jonathane o ne a tseba hore Jehova o kgethile Davida hore ebe morena ya latelang wa Iseraele, mme sena ha se a ka sa mo kwatisa. Jonathane le Davida e ile ya e ba metswalle e meholo. Ba tshepisana hore ba tla sireletsana. Jonathane a fa Davida seaparo sa hae, sabole, seqha le lebanta, ho bontsha hore ke metswalle.

Ha Davida a ntse a baleha Saule, Jonathane o ile a ya ho yena mme a re: ‘Eba sebete mme o be matla. Jehova o kgethile wena hore o be morena. Le Ntate o tseba seo.’ Na o ka rata ho ba le motswalle ya jwaloka Jonathane?

Jonathane o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makgetlo a mangata, e le hore a thuse motswalle wa hae. Kaha o ne a tseba hore ntate wa hae o batla ho bolaya Davida, o ile a re ho yena: ‘O tla be o etsa sebe ha o ka bolaya Davida, hobane ha aa etsa letho le phoso.’ Saule o ile a kwatela Jonathane. Dilemo hamorao Saule le Jonathane ba ile ba bolaelwa ntweng.

Ka mora lefu la Jonathane, Davida o ile a batla mora wa Jonathane ya bitswang Mefiboshethe. Ha a mo fumana, a re ho yena: ‘Kaha ntate wa hao e ne e le motswalle wa ka, ke tla o hlokomela bophelo bohle ba hao. O tla dula ntlong ya ka ya borena mme o tla ja le nna tafoleng.’ Davida ha aa ka a lebala motswalle wa hae Jonathane.

“Le ratane feela jwalo ka ha ke le ratile. Ha ho ya nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moya wa hae molemong wa metswalle ya hae.”—Johanne 15:12, 13