Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 43

Morena Davida o Etsa Sebe

Morena Davida o Etsa Sebe

Davida e ile ea e-ba morena ka mor’a hore Saule a shoe. O ne a le lilemo li 30. Ho ile ha feta lilemo tse ngata e le morena ’me bosiung bo bong ha a le ka holim’a ntlo ea hae ea borena, a bona mosali e mong ea motle. Davida o ile a utloa hore lebitso la hae ke Bathe-sheba ’me monna oa hae ke Uria le hore ke lesole. Davida o ile a bitsetsa Bathe-sheba ntlong ea hae ea borena. Ba ile ba etsa thobalano ’me Bathe-sheba a ima. Davida o ile a leka ho pata sebe sa hae. A bolella molaoli oa sesole hore a behe Uria ka pele ntoeng, ebe ba chechela morao. Ka mor’a hore Uria a bolaoe ntoeng, Davida a nyala Bathe-sheba.

Empa Jehova o ile a bona lintho tsohle tse mpe tse etsahetseng. O ile a etsa’ng? Jehova o ile a roma moprofeta Nathane ho Davida. Nathane a fihla a re: ‘Monna e mong oa morui o ne a e-na le linku tse ngata ’me oa mofutsana a e-na le e le ’ngoe feela eo a e ratang haholo. Monna oa morui o ile a nka nku ea monna eo oa mofutsana.’ Davida o ile a halefa eaba o re: ‘Monna eo oa morui o lokela ho bolaoa!’ Eaba Nathane o re ho Davida: ‘Monna eo oa morui ke uena!’ Davida o ile a utloa bohloko ’me a re ho Nathane: ‘Ke sitetsoe Jehova.’ Sebe seo se ile sa bakela Davida le ba lelapa la hae mathata a mangata. Jehova o ile a khalemela Davida, empa a se ke a mo bolaea hobane o ne a tšepahala a bile a ikokobelitse.

Davida o ne a batla ho hahela Jehova tempele, empa Jehova o ile a khetha mora oa Davida ea bitsoang Solomone hore e be eena ea e hahang. Davida o ile a bokella lintho tseo Solomone a tla li hloka ’me a re: ‘Tempele ea Jehova e lokela ho ba ntle. Solomone o ntse a le monyane. Kahoo ke tla mo thusa ho bokella lintho tseo a tla li hloka.’ Davida o ile a fana ka chelete e ngata e le hore ho hahoe tempele ’me a batla batho ba tsebang ho haha. A bokella khauta le silevera ’me a lata mapolanka Tyre le Sidone. Pele Davida a shoa, o ile a bontša Solomone hore na a hahe tempele joang. A re ho eena: ‘Jehova o itse ke u ngolle lintho tsena. Jehova o tla u thusa. U se ke oa tšoha. E-ba sebete ’me u sebetse.’

“Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.”—Liproverbia 28:13