Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 44

Tempele ea Jehova

Tempele ea Jehova

Ka mor’a hore Solomone e be morena oa Iseraele, Jehova o ile a re: ‘Ke eng eo u ka ratang hore ke u fe eona?’ Solomone a re: ‘Ke sa le monyane ’me ha ke tsebe seo ke se etsang. Ke kopa u mphe bohlale e le hore nka hlokomela sechaba sa hao.’ Jehova a re: ‘Kaha u kopile bohlale eseng maruo, ke tla etsa hore u be monna ea bohlale ka ho fetisisa lefatšeng. Hape ke tla etsa hore u be morui. Haeba u ’mamela, u tla phela nako e telele.’

Eaba Solomone o qala ho haha tempele. A sebelisa khauta, silevera, mapolanka le majoe a betliloeng hantle. Banna le basali ba likete ba nang le bokhoni ba thusa mosebetsing oa ho haha tempele. Ka mor’a lilemo tse supileng, tempele e ne e se e le boemong ba hore e neheloe ho Jehova. Ho ne ho e-na le aletare moo ’me ho eona ho e-na le mahlabelo. Eaba Solomone o khumama ka pel’a aletare ’me a rapela, a re: ‘Oho Jehova, tempele ena ha e kholo ebile ha e ntle ho lekana bakeng sa hao. Empa ka kopo, amohela borapeli ba rona ’me u mamele lithapelo tsa rona.’ Jehova o ile a ikutloa joang ka tempele le thapelo eo ea Solomone? Hang ha Solomone a qeta ho rapela, mollo oa theoha leholimong ’me oa chesa mahlabelo a aletareng. Seo se ne se bontša hore Jehova o amohetse tempele eo. Kahoo, Baiseraele ba thaba ha ba bona seo.

Batho bohle ba Iseraele le libakeng tse ling tse hole ba ne ba tseba hore Morena Solomone o bohlale. Ba ne ba tla ho eena ho tla kopa thuso ha ba na le mathata. Le mofumahali oa Sheba o ile a tla ’me a mo botsa lipotso tse thata. Ha a utloa tsela eo Solomone a arabang lipotso tsa hae ka eona, a re: ‘Ke ne ke sa lumele seo batho ba mpolellang sona ka uena. Empa joale kea bona hore u bohlale ho feta kamoo ba neng ba bua kateng. Jehova Molimo oa hao o u hlohonolofalitse.’ Baiseraele ba ne ba phela ka khotso ba bile ba thabile. Empa lintho li ne li le haufi le ho fetoha.

“O ile a tla a tsoa lipheletsong tsa lefatše ho tla utloa bohlale ba Solomone, empa, bonang! ho hong ho fetang Solomone ho teng mona.”—Matheu 12:42