Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 45

’Muso oa Aroloa

’Muso oa Aroloa

Nakong eo Solomone a neng a ntse a tšepahalla Jehova, ho ne ho e-na le khotso Iseraele. Empa Solomone o ile a nyala basali ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ’me basali bao ba ne ba rapela litšoantšo. Butle-butle Solomone o ile a fetoha ’me a qala ho rapela litšoantšo. Jehova o ile a mo halefela ’me a re ho eena: ‘Borena ba Iseraele bo tla tlosoa lelapeng la hao ’me sechaba se tla arohana. Ke tla fa e mong oa bahlanka ba hao karolo e kholo ’me lelapa la hao le tla busa karolo e nyenyane.’

Jehova o ile a hlakisa qeto ea hae ka tsela e ’ngoe hape. Mohlanka e mong oa Solomone ea bitsoang Jeroboame, o ile a kopana le moprofeta Akija tseleng. Moprofeta eo o ile a khaola seaparo sa hae likarolo tse 12, eaba o re ho Jeroboame: ‘Jehova o tla tlosa ’muso oa Iseraele lelapeng la Solomone ’me a o arole likoto tse peli. Nka tse leshome hobane u tla ba morena oa meloko e leshome.’ Morena Solomone a utloa ka sena ’me a batla ho bolaea Jeroboame. Kahoo, Jeroboame a balehela Egepeta. Ha nako e ntse e ea, Solomone o ile a shoa ’me mora oa hae Roboame ea e-ba morena. Eaba Jeroboame o khutlela Iseraele.

Banna ba baholo ba Iseraele ba re ho Roboame: ‘Ha u ka tšoara sechaba hantle, se tla u tšepahalla.’ Empa metsoalle ea Roboame ea re: ‘U lokela ho ba tšoara ka thata. Etsa hore ba sebetse ka thata le ho feta.’ Eaba Roboame o mamela metsoalle ea hae. A tšoara sechaba hampe eaba sea mo fetohela. Sa etsa Jeroboame morena oa meloko e leshome. Meloko e setseng e ’meli e ile ea tsebahala e le ’muso oa Juda ’me ea tsoela pele e tšepahalla Roboame. Ka tsela eo, meloko e 12 ea Iseraele e ile ea arohana.

Jeroboame o ne a sa batle ha batho ba hae ba ea Jerusalema ho ea rapela, kaha e ne e le karolong ea ’muso oa Roboame. Ebe e ne e le hobane’ng? Jeroboame o ne a tšaba hore ba tla mo fetohela ’me ba tšehetse Roboame. Eaba o etsa manamane a mabeli a khauta ’me o re ho sechaba: ‘Jerusalema e hole haholo. Le tla rapella mona.’ Batho ba qala ho rapela namane ea khauta, eaba ba lebala Jehova hape.

“Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? . . . Kapa motho ea tšepahalang o na le kabelo efe le ea sa lumelang?”—2 Bakorinthe 6:14, 15