Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 45

Mmuso o a Arolwa

Mmuso o a Arolwa

Ha Solomone a ntse a rapela Jehova, ho ne ho e na le kgotso Iseraele. Empa Solomone o ile a nyala basadi ba bangata ba tswang dinaheng tse ding, mme basadi bao ba ne ba rapela ditshwantsho. Butlebutle Solomone o ile a fetoha mme a qala ho rapela ditshwantsho. Seo se ile sa halefisa Jehova. O ile a re ho Solomone: ‘Borena ba Iseraele bo tla tloswa lelapeng la hao mme setjhaba se tla arohana. Ke tla fa e mong wa bahlanka ba hao karolo e kgolo, mme lelapa la hao le tla busa karolo e nyenyane.’

Jehova o ile a hlakisa qeto ya hae ka tsela e nngwe hape. Mohlanka e mong wa Solomone ya bitswang Jeroboame, o ile a kopana le moprofeta Akija tseleng. Moprofeta eo o ile a kgaola seaparo sa hae dikarolo tse 12, yaba o re ho Jeroboame: ‘Jehova o tla tlosa mmuso wa Iseraele lelapeng la Solomone mme a o arole dikoto tse pedi. Nka tse leshome hobane o tla ba morena wa meloko e leshome.’ Morena Solomone a utlwa ka sena mme a batla ho bolaya Jeroboame! Kahoo, Jeroboame a balehela Egepeta. Ha nako e ntse e ya, Solomone o ile a shwa mme mora wa hae Roboame ya eba morena. Yaba Jeroboame o kgutlela Iseraele.

Banna ba baholo ba Iseraele ba re ho Roboame: ‘Ha o ka tshwara setjhaba hantle se tla o tshepahalla.’ Empa metswalle ya Roboame ya re: ‘O lokela ho ba tshwara ka thata! Etsa hore ba sebetse ka thata le ho feta!’ Yaba Roboame o latela keletso ya metswalle ya hae. A tshwara setjhaba hampe yaba se a mo fetohela. Sa etsa Jeroboame morena wa meloko e leshome. Meloko e setseng e mmedi e ile ya tsebahala e le mmuso wa Juda mme ya tswela pele e tshepahalla Roboame. Ka tsela eo, meloko e 12 ya Iseraele e ile ya arohana.

Jeroboame o ne a sa batle ha batho ba hae ba ya Jerusalema ho ya rapela, kaha e ne e le karolong ya mmuso wa Roboame. Ebe ke hobaneng? Jeroboame o ne a tshaba hore ba tla mo fetohela mme ba tshehetse Roboame. Yaba o etsa manamane a mabedi a kgauta mme o re ho setjhaba: ‘Jerusalema e hole haholo. Le tla rapella mona.’ Batho ba qala ho rapela namane ya kgauta, yaba ba lebala Jehova hape.

“Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa dumelang. Etswe ho loka le tlolo ya molao di na le setswalle sefe? . . . Kapa motho ya tshepahalang o na le kabelo efe le ya sa dumelang?”—2 Bakorinthe 6:14, 15