Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 46

Teko Thabeng ya Karmele

Teko Thabeng ya Karmele

Meloko e leshome ya Iseraele e bile le marena a mangata a mabe, empa Akabe o ne a le mobe ho a feta kaofela. O ile a nyala mosadi ya kgopo ya rapelang Baale. Lebitso la hae e ne e le Jezebele. Akabe le Jezebele ba ile ba tlatsa naha ka borapedi ba Baale mme ba bolaya baprofeta ba Jehova. Jehova o ile a etsang? O ile a roma moprofeta Elia hore a fe Akabe molaetsa.

Elia o ile a bolella Morena Akabe hore pula ha e na ho na Iseraele, ka lebaka la dintho tse mpe tseo a di etsang. Ka dilemo tse fetang tse tharo, dijalo ha di a ka tsa hola mme batho ba lapa. Jehova a boela a romela Elia ho Akabe. Morena Akabe a re ho yena: ‘O dikgathatso! Ho na le komello ka lebaka la hao.’ Elia a mo araba, a re: ‘Hase nna ya entseng hore ho be le komello. E tlisitswe ke wena ka ho rapela Baale. E le hore re bone hore na ke mang ya buang nnete, bokella setjhaba le baprofeta ba Baale Thabeng ya Karmele.’

Kahoo, Baiseraele ba ya thabeng. Elia a re ho bona: ‘Iketsetseng qeto. Haeba Jehova ke Modimo wa nnete, mo lateleng. Empa haeba Baale ke yena, mo latelang. Mme re tla bona hore na ke mang ya tla hlola. Baprofeta ba Baale ba 450 ba lokise sehlabelo sa bona, mme ba rapele modimo wa bona, le nna ke tla lokisa sehlabelo se yang ho Jehova mme ke mo rapele. Modimo wa nnete ke ya tla arabela thapelo ena.’ Baiseraele ba dumela.

Baprofeta ba Baale ba lokisa sehlabelo sa bona. Ba qeta letsatsi lohle ba ntse ba re: ‘Baale, re arabe!’ Elia a ba tsheha ha Baale a sa ba arabe. A re: ‘Hweletsang haholo. Mohlomong o robetse, mme e mong o lokela ho mo tsosa.’ Ya e ba mantsiboya baprofeta ba Baale ba ntse ba mo bitsa. Empa o ne a ntse a sa ba arabe.

Yaba Elia o beha sehlabelo sa hae aletareng mme o se tshela ka metsi. A rapela, a re: ‘Jehova, ka kopo thusa batho bana hore ba tsebe hore o Modimo wa nnete.’ Hanghang Jehova a romela mollo ho theoha lehodimong wa tjhesa sehlabelo seo. Setjhaba sa hweletsa, sa re: ‘Jehova ke Modimo wa nnete!’ Elia a re: ‘Le se ke la dumella baprofeta ba Baale hore ba balehe!’ Yaba letsatsing leo, baprofeta ba 450 ba Baale ba a bolawa.

Ha leru le lenyenyane le hlaha hodima lewatle, Elia o ile a re ho Akabe: ‘Pula e ya tla. Palama koloi ya hao o ye hae.’ Lehodimo le ile la e ba letsho ke maru, moya wa foka, mme pula e matla ya qala ho na yaba komello e a fela. Akabe a kganna koloi ya hae kapele kamoo a ka kgonang. Empa Jehova a thusa Elia hore a mathe ka lebelo a siye koloi eo ya Akabe! Na mathata a Elia a ne a fedile? A re bone.

“E le hore batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, wena o le mong o Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.”—Pesaleme ya 83:18