Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 47

Jehova o Matlafatsa Elia

Jehova o Matlafatsa Elia

Jezebele o ile a utloa ka se etsahalletseng baprofeta ba Baale ’me a halefa haholo. A romella Elia molaetsa o reng: ‘Hosane u tla be u shoele joaloka baprofeta bao ba Baale.’ Elia o ile a tšoha haholo ’me a balehela ka ntle ho motse. A rapela, a re: ‘Jehova, ha ke khone ho mamella boemo bona. Ntlohele ke shoe.’ Kaha o ne a khathetse, o ile a robala tlas’a sefate.

Ha Elia a ntse a robetse, lengeloi la mo tsosa la re: ‘Tsoha u je.’ Elia a bona bohobe le jeke ea metsi. O ile a ja le ho noa ’me a robala hape. Lengeloi la mo tsosa hape la re: ‘Ja. U hloka matla bakeng sa leeto la hao.’ Kahoo Elia a ja hape. Eaba o tsamaea matsatsi a 40 le masiu a 40 ho fihlela a fihla Thabeng ea Horebe. Ha a le moo, Elia a kena ka lehaheng ’me a robala. Empa Jehova a bua le eena. A re: ‘Elia, u batla’ng moo?’ Elia a re: ‘Baiseraele ha baa u tšepahalla. Ba sentse lialetare tsa hao ’me ba bolaile baprofeta ba hao. Joale ba batla ho mpolaea.’

Jehova a re ho eena: ‘Tsamaea u ee thabeng.’ Qalong, ha e-ba le moea o matla lehaheng. Ka mor’a moo, ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše le mollo. Qetellong, Elia a utloa lentsoe le buelang tlaase. A ikoahela sefahleho ka seaparo sa hae ’me a tsoela ka ntle. Jehova a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a baleha. Elia a re: ‘Ke setse ke le mong.’ Empa Jehova a re ho eena: ‘Ha u mong. Ho na le batho ba likete tse supileng Iseraele ba ntseng ba ntšepahalla. Tsamaea u khethe Elisha hore e be moprofeta ea tla u nkela sebaka.’ Hang-hang Elia a etsa seo Jehova a mo laetseng sona. Na u nahana hore Jehova a ka u thusa ha u etsa seo a batlang hore u se etse? E, a ka u thusa. Pele re ithuta hore na Elia o ile a etsa’ng ka mor’a moo, a re bone hore na ke’ng e ileng ea etsahala nakong ea komello.

“Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopō tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.”—Bafilipi 4:6