Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 48

Mora wa Mohlolohadi o Tsoswa Bafung

Mora wa Mohlolohadi o Tsoswa Bafung

Nakong ya komello, Jehova o ile a re ho Elia: ‘E ya Sarepta. O tla fumana mohlolohadi ya tla o fa dijo.’ Ha Elia a fihla hekeng ya motse, a fumana mohlolohadi e mong ya futsanehileng a ntse a bokella patsi. A mo kopa metsi. Ha mohlolohadi eo a mo latela metsi, Elia a re: ‘Ke kopa o ntlele le bohobe.’ Empa mohlolohadi eo a re: ‘Ha ke na bohobe boo nka o fang bona. Ke na le phofo le oli e lekaneng nna le mora wa ka feela.’ Elia a re ho yena: ‘Jehova o tshepisitse hore haeba o ka nketsetsa bohobe, phofo le oli ya hao di ke ke tsa fela ho fihlela pula e na.’

Kahoo, mohlolohadi eo a ya hae mme a etsetsa moprofeta wa Jehova bohobe. Feela jwalokaha Jehova a tshepisitse, mme eo le mora wa hae ba ile ba dula ba e na le dijo nakong ya komello. Phofo ya bona le oli ha di a ka tsa fela.

Yaba ho etsahala ntho e nngwe e bohloko. Mora wa mme eo a kula hoo a ileng a shwa. Mme wa hae a kopa Elia hore a mo thuse. Yaba Elia o nka moshanyana eo matsohong a mme wa hae, a ya le yena kamoreng e ka hodimo. A mo beha betheng yaba o a rapela, o re: ‘Jehova, ke kopa o tsose ngwana enwa.’ Na o a tseba hore ke hobaneng ha oo e bile mohlolo o ikgethang o tswang ho Jehova? Hobane ho ya kamoo re tsebang kateng ha ho motho ya neng a kile a tsoswa bafung pele ho moo. Ebile mohlolohadi eo le mora wa hae e ne e se Baiseraele.

Leha ho le jwalo, moshanyana eo o ile a boela a phela! Elia a re ho mohlolohadi eo: ‘Bona! Mora wa hao o a phela.’ O ile a thaba haholo mme a re ho Elia: ‘O fela o le mohlanka wa Modimo. Ke tseba sena hobane o bua feela seo Jehova a o bolellang hore o se bue.’

“Lemohang hore makgwaba ha a jale peo leha e le ho kotula, mme ha a na modiko kapa ntlo ya polokelo, leha ho le jwalo Modimo o a a fepa. Le ba bohlokwa hakaakang ho feta dinonyana?”—Luka 12:24