Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 49

Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo

Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo

Morena Akabe o ne a khona ho bona tšimo ea morara ea monna e mong ea bitsoang Nabothe, a le fensetereng ea ntlo ea hae ea borena e Jezriele. Akabe o ne a batla tšimo eo ea morara ’me a re Nabothe a mo rekisetse eona. Empa Nabothe a hana ho mo rekisetsa eona kaha Molao oa Jehova o ne o hanela batho ho rekisa masimo ao ba a fuoeng. Na Akabe o ile a utloisisa hore Nabothe o etsa se nepahetseng? Che. Akabe o ile a koata haholo. O ne a koatile hoo a sa batleng le ho tsoa ka kamoreng ebile a hana ho ja.

Mosali oa Akabe ea bitsoang Jezebele o ile a re ho eena: ‘U morena Iseraele. U lokela ho fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang. Ke tla u fumanela tšimo eo.’ Eaba o ngolla baholo ba motse mangolo, o re ba qose Nabothe ka hore o rohakile Molimo ’me o lokela ho bolaoa ka ho tlepetsoa ka majoe. Kahoo, baholo bao ba bolaea Nabothe joalokaha Jezebele a itse ba etse ’me Jezebele a re ho Akabe: ‘Nabothe o shoele. Nka tšimo ea hae ea morara.’

Jezebele ha aa ka a bolaea Nabothe feela. O ile a bolaea le batho ba bang ba bangata ba ratang Jehova. O ne a rapela litšoantšo, a etsa le lintho tse ling tse mpe. Jehova o ile a bona lintho tsohle tse mpe tseo Jezebele a li etsang. O ile a etsa’ng?

Ka mor’a hore Akabe a shoe, mora oa hae ea bitsoang Jorame e ile ea e-ba morena. Jehova o ile a roma monna e mong ea bitsoang Jehu ho ea otla Jezebele le ba lelapa la hae.

Jehu o ile a palama koloi ea hae a ea Jezriele, moo Jezebele a lulang teng. Jorame le eena a kena koloing ea hae a mo khahlametsa ’me a re: ‘Na u na le khotso le rona?’ Jehu a re: ‘Ho ke ke ha e-ba le khotso hafeela ’mè oa hao, Jezebele, a ntse a etsa lintho tse mpe.’ Jorame a leka ho baleha. Empa Jehu a mo betsa ka lerumo ’me la mo hlaba. Eaba oa shoa.

Ka mor’a moo, Jehu a ea ntlong ea borena ea Jezebele. Ha Jezebele a utloa hore Jehu o ntse a tla, a itokisa mahlong hore a be motle, a ikhabisa moriri ’me a ema fensetereng e mokatong o ka holimo. Ha Jehu a fihla, Jezebele a mo buisa hampe. Eaba Jehu o re ho basebeletsi ba Jezebele ba emeng le eena fensetereng: ‘Mo liheleng fatše!’ Kahoo, ba sutumetsa Jezebele ka fensetere. O ile a oela fatše, eaba oa shoa.

Ka mor’a moo, Jehu a bolaea bara ba Akabe ba 70 ’me a felisa borapeli ba Baale naheng eo. Akere oa bona hore Jehova o tseba lintho tsohle le hore ka nako ea hae e loketseng, o fana ka kotlo ho batho ba etsang lintho tse mpe?

“Lefa le fumanoa ka meharo qalong, empa bokamoso ba lona bo ke ke ba hlohonolofatsoa.”​—Liproverbia 20:21