Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 49

Mofumahadi ya Kgopo o Fuwa Kotlo

Mofumahadi ya Kgopo o Fuwa Kotlo

Morena Akabe o ne a kgona ho bona tshimo ya morara ya monna e mong ya bitswang Nabothe a le fensetereng ya ntlo ya hae ya borena e Jezriele. Akabe o ne a batla tshimo eo ya morara, mme a re Nabothe a mo rekisetse yona. Empa Nabothe a hana ho mo rekisetsa yona kaha Molao wa Jehova o ne o hanela batho ho rekisa masimo ao ba a fuweng. Na Akabe o ile a utlwisisa hore Nabothe o etsa se nepahetseng? Tjhe. Akabe o ile a kwata haholo. O ne a kwatile hoo a sa batleng ho tswa ka kamoreng, ebile a hana ho ja.

Mosadi wa Akabe ya bitswang Jezebele o ile a re ho yena: ‘O morena Iseraele. O lokela ho fumana ntho e nngwe le e nngwe eo o e batlang. Ke tla o fumanela tshimo eo.’ Yaba o ngolla baholo ba motse mangolo, o re ba qose Nabothe ka hore o rohakile Modimo mme o lokela ho bolawa ka ho tlepetswa ka majwe. Kahoo, baholo bao ba bolaya Nabothe jwalo ka ha Jezebele a ba boleletse, mme Jezebele a re ho Akabe: ‘Nabothe o shwele. Jwale tshimo ya morara ke ya hao.’

Jezebele o ile a bolaya Nabothe a se na molato mme o ile a nna a bolaya le batho ba bang ba bangata ba ratang Jehova. O ne a rapela medimo ya ditshwantsho, a etsa le dintho tse ding tse mpe. Jehova o ile a bona dintho tsohle tse mpe tseo Jezebele a di etsang. O ile a etsang ka seo?

Ka mora hore Akabe a shwe, mora wa hae ya bitswang Jorame e ile ya e ba morena. Jehova o ile a roma monna e mong ya bitswang Jehu ho ya otla Jezebele le ba lelapa la hae.

Jehu o ile a palama koloi ya hae a ya Jezriele, moo Jezebele a dulang teng. Jorame le yena a kena koloing ya hae a mo kgahlametsa mme a re: ‘Na o tlile ka kgotso ho rona?’ Jehu a re: ‘Ho ke ke ha e ba le kgotso hafeela mme wa hao, Jezebele, a ntse a etsa dintho tse mpe.’ Jorame a leka ho baleha. Empa Jehu a mo hlaba ka lerumo mme a shwa.

Ka mora moo, Jehu a ya ntlong ya borena ya Jezebele. Ha Jezebele a utlwa hore Jehu o tseleng, a itlotsa ka makeup, a ikgabisa moriri mme a ema fensetereng e mokatong o ka hodimo. Ha Jehu a fihla, Jezebele a mo buisa hampe. Yaba Jehu o re ho basebeletsi ba Jezebele ba emeng le yena fensetereng: ‘Mo diheleng fatshe!’ Kahoo, ba sutumetsa Jezebele ka fensetere, mme a wela fatshe yaba o a shwa.

Ka mora moo, Jehu a bolaya bara ba Akabe ba 70 mme a fedisa borapedi ba Baale naheng eo. Akere o a bona hore Jehova o tseba dintho tsohle le hore ka nako ya hae e loketseng, o fana ka kotlo ho batho ba etsang dintho tse mpe?

“Lefa le fumanwa ka meharo qalong, empa bokamoso ba lona bo ke ke ba hlohonolofatswa.”—Liproverbia 20:21