Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 50

Jehova o Sireletsa Josafate

Jehova o Sireletsa Josafate

Morena oa Juda ea bitsoang Josafate o ile a felisa lialetare tsa Baale le litšoantšo tse rapeloang naheng eo. O ne a batla hore batho ba tsebe melao ea Jehova. Kahoo, a romela babusi le Balevi libakeng tsohle tsa Juda hore ba rute batho melao ea Jehova.

Lichaba tse haufi li ne li tšaba ho hlasela Juda kaha li ne li tseba hore Jehova o na le batho ba hae. Kahoo, tsa tlisetsa Morena Josafate limpho. Empa Bamoabe, Baammone le batho ba lichaba tse ling ba tsoang sebakeng se lithaba sa Seire ba tla ho tla hlasela Juda. Josafate o ne a tseba hore o hloka thuso ea Jehova. Kahoo, a bokella banna, basali le bana Jerusalema. A rapela ka pel’a bona bohle a re: ‘Jehova, re kopa u re thuse. Re kopa u re bolelle hore na re etse’ng.’

Eaba Jehova o re ho bona: ‘Le se ke la tšoha. Ke tla le thusa. Emang libakeng tsa lona ’me le bone ha ke le pholosa.’ Jehova o ile a ba pholosa joang?

Ka le hlahlamang hoseng, Josafate o ile a khetha libini ’me a re li tsamaee ka pel’a masole. Eaba ba tloha Jerusalema ba ea ntoeng e neng e loaneloa sebakeng se bitsoang Tekooa.

Jehova o ile a loanela batho ba hae. A ferekanya Baammone le Bamoabe hoo ba ileng ba qala ho bolaeana ’me ha se ke ha e-ba le ea mong oa bona ea phonyohang. Empa Jehova a sireletsa batho bohle ba Juda. Batho ba lichaba tsohle ba utloa seo Jehova a se entseng. Kahoo, ba tseba hore Jehova o ne a sirelelitse batho ba hae. Empa Jehova o sireletsa batho ba hae joang? Ka litsela tse ngata. Ha a hloke batho hore ba mo thuse.

“Ho ke ke ha hlokahala hore le loane lekhetlong lena. Emang ’me le bone poloko ea Jehova molemong oa lōna.”—2 Likronike 20:17