Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 50

Jehova o Sireletsa Josafate

Jehova o Sireletsa Josafate

Morena wa Juda ya bitswang Josafate o ile a senya dialetare tsa Baale a ba a fedisa medimo ya ditshwantsho naheng eo. O ne a batla hore batho ba tsebe melao ya Jehova. Kahoo, a romela dikgosana le Balevi dibakeng tsohle tsa Juda hore ba rute batho melao ya Jehova.

Ditjhaba tse haufi di ne di tshaba ho lwantsha batho ba Juda kaha di ne di tseba hore Jehova o ne a ba sireleditse. Kahoo, tsa tlisetsa Morena Josafate dimpho. Empa Bamoabe, Baammone le batho ba ditjhaba tse ding ba tswang sebakeng se dithaba sa Seire ba rera ho lwantsha Juda. Josafate o ne a tseba hore o hloka thuso ya Jehova. O ile a bokella banna, basadi le bana Jerusalema. A rapela ka pela bona bohle a re: ‘Jehova re kopa o re thuse. Re kopa o re bolelle hore na re etseng.’

Yaba Jehova o re ho bona: ‘Le se ke la tshoha. Ke tla le thusa. Emang dibakeng tsa lona, mme le bone ha ke le pholosa.’ Jehova o ile a ba pholosa jwang?

Ka le hlahlamang hoseng, Josafate o ile a kgetha dibini mme a re di tsamaye ka pela masole. Yaba ba tloha Jerusalema mme ba ya ntweng sebakeng se bitswang Tekowa.

Jehova o ile a lwanela batho ba hae. A ferekanya Baammone le Bamoabe hoo ba ileng ba qala ho bolayana, mme ha se ke ha e ba le ya mong wa bona ya phonyohang. Empa Jehova a sireletsa batho bohle ba Juda. Batho ba ditjhaba tsohle ba utlwa seo Jehova a se entseng, kahoo ba tseba hore Jehova o sireletsa batho ba hae. Empa Jehova o sireletsa batho ba hae jwang? Ka ditsela tse ngata. Ha a hloke hore batho ba mo thuse.

“Ho ke ke ha hlokahala hore le lwane lekgetlong lena. Emang mme le bone poloko ya Jehova molemong wa lona.”—2 Likronike 20:17