Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 51

Naamane le Ngwanana wa Moiseraele

Naamane le Ngwanana wa Moiseraele

Ho ne ho e na le ngwanana e mong wa Moiseraele ya neng a dula naheng ya Syria, e hole le ya habo. Masole a Syria a ne a mo nkile ho ba habo, mme jwale a sebeletsa mosadi wa Naamane, eo e neng e le mookamedi wa masole. Ngwanana eo o ne a rapela Jehova le hoja batho bao a dulang le bona ba ne ba sa rapele Jehova.

Naamane o ne a tswile lepera, mme le mo utlwisa bohloko haholo. Ngwanana eo o ne a batla ho mo thusa. Yaba o re ho mosadi wa Naamane: ‘Ke tseba motho ya ka fodisang ntate Naamane. Kwana Iseraele, ho na le moprofeta wa Jehova ya bitswang Elisha. A ka kgona ho mo fodisa.’

Yaba mosadi wa Naamane o bolella Naamane seo ngwanana eo a mo boleletseng sona. Kahoo, Naamane a dumela ho ya ho Elisha, Iseraele. O ne a lebeletse hore Elisha o tla mo tshwara ka tsela e kgethehileng. Empa ho e na le hore Elisha a ye ho yena, a roma mohlanka wa hae hore a kopane le Naamane ebe o re ho yena: ‘E ya Nokeng ya Jordane mme o hlape ka ho yona ka makgetlo a supileng. Ka mora moo, o tla fola.’

Naamane o ile a utlwa bohloko haholo. A re: ‘Ke ne ke nahana hore moprofeta enwa o tla bitsa lebitso la Modimo wa hae a be a mpehe matsoho. Ho fapana le hoo, o mpolella hore ke ye nokeng eo ya Iseraele. Re na le dinoka tse betere ho e feta Syria. Keng a sa re ke ye moo?’ Naamane o ile a kwata haholo, yaba o a tsamaya.

Empa bahlanka ba Naamane ba mo thusa hore a nahane hantle. Ba re ho yena: ‘Akere o batla ho fola? Moprofeta enwa ha a re o etse ntho e thata haholo. Ke hobaneng ha o sa etse seo a reng o se etse?’ Naamane a ba mamela. A ya Nokeng ya Jordane mme a kena ka ho yona ka makgetlo a supileng. Lekgetlong lena la bosupa, Naamane a tswa a fodile ka ho feletseng. O ne a thabile haholo, kahoo a kgutlela ho Elisha ho ya mo leboha. Naamane a re: ‘Jwale ke a tseba hore Jehova ke Modimo wa nnete.’ O nahana hore ngwanana eo wa Moiseraele o ile a ikutlwa jwang ha Naamane a kgutla a fodile?

“Ho tswa melomong ya bana le ba anyang o fane ka thoriso.”—Matheu 21:16