Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 52

Lebotho le Matla la Jehova

Lebotho le Matla la Jehova

Morena oa Syria ea bitsoang Ben-hadade o ne a atisa ho hlasela Baiseraele. Empa moprofeta Elisha o ne a lula a lemosa morena oa Iseraele ’me nako le nako a phonyoha. Eaba Ben-hadade o rera ho koetela Elisha. A utloa hore Elisha o motseng oa Dothane ’me a romela masole a Syria ho ea mo tšoara.

Basyria ba fihla Dothane bosiu. Ka le hlahlamang hoseng, ha mohlanka oa Elisha a tsoela ka ntle a fumana hore motse o pota-potiloe ke Basyria ba bangata. O ile a tšoha haholo ’me a hoeletsa a re: ‘Elisha, re tl’o etsa joang?’ Elisha a re ho eena: ‘Ba nang le rona ba bangata ho ba feta.’ Ka nako eo, Jehova a etsa hore mohlanka oa Elisha a bone lipere le likoloi tse ngata tsa ntoa lithabeng tse potolohileng motse oo.

Ha masole a Syria a leka ho tšoara Elisha, o ile a rapela a re: ‘Jehova ke kopa u a foufatse.’ Eaba hang-hang masole ao ha a sa tseba hore na a hokae, le hoja a ne a ntse a bona. Elisha a re ho ’ona: ‘Le motseng osele. Ntšaleng morao. Ke tla le isa ho motho eo le mo batlang.’ Eaba a latela Elisha ho ea Samaria, moo morena oa Iseraele a lulang teng.

Ha a fihla moo, a bona hore na a hokae. Morena oa Iseraele a re ho Elisha: ‘Ke a bolaee?’ Na Elisha o ile a batla ho iphetetsa ho batho baa ba neng ba batla ho mo utloisa bohloko? Che. Elisha o ile a re: ‘U se ke oa a bolaea. A fe lijo ’me ha u qeta, u a lokolle a itsamaele.’ Eaba morena o etsa mokete o moholo oa a fepa ’me ka mor’a moo a a lokolla.

“Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”—1 Johanne 5:14