Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 52

Lebotho le Matla la Jehova

Lebotho le Matla la Jehova

Morena wa Syria ya bitswang Benhadade o ne a atisa ho hlasela Baiseraele. Empa moprofeta Elisha o ne a dula a lemosa morena wa Iseraele, mme nako le nako a phonyoha. Yaba Benhadade o rera ho tshwara Elisha. A utlwa hore Elisha o motseng wa Dothane, mme a romela masole a Syria ho ya mo tshwara.

Basyria ba fihla Dothane bosiu. Ka le hlahlamang hoseng, ha mohlanka wa Elisha a tswela ka ntle a fumana hore motse o potapotilwe ke Basyria ba bangata. O ile a tshoha haholo mme a hweletsa a re: ‘Elisha, jonna re tlo etsa jwang?’ Elisha a re ho yena: ‘Ba nang le rona ba bangata ho ba feta.’ Ka nako eo, Jehova a etsa hore mohlanka wa Elisha a bone dipere le dikoloi tse ngata tsa ntwa dithabeng tse potolohileng motse oo.

Ha masole a Syria a leka ho tshwara Elisha, o ile a rapela a re: ‘Jehova ke kopa o a foufatse.’ Yaba hanghang masole ao ha a sa tseba hore na a hokae, le hoja a ne a ntse a bona. Elisha a re ho ona: ‘Le motseng o sele. Ntshaleng morao, ke tla le isa ho motho eo le mo batlang.’ Yaba a latela Elisha mme o a isa Samaria, moo morena wa Iseraele a dulang teng.

Ha masole a fihla moo, ke hona a ileng a bona hore na a hokae. Morena wa Iseraele a re ho Elisha: ‘Ke a bolaye?’ Na Elisha o ile a batla ho iphetetsa ho batho baa ba neng ba batla ho mo utlwisa bohloko? Tjhe. Elisha o ile a re: ‘O se ke wa a bolaya. A fe dijo mme ha o qeta o a lokolle a itsamaele.’ Yaba morena o etsa mokete o moholo o a a fepa mme ka mora moo a a lokolla.

“Ena ke kgodiseho eo re nang le yona ho yena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.”—1 Johanne 5:14