Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 53

Jehojada o Bontša Hore o Sebete

Jehojada o Bontša Hore o Sebete

Jezebele o ne a e-na le morali ea bitsoang Athalia, ea neng a le khopo joaloka ’mè oa hae. Athalia o ne a nyetsoe ke morena oa Juda. Ha monna oa hae a shoa, mora oa hae e ile ea e-ba morena. Ha mora eo oa hae a shoa, Athalia a ipeha boreneng ba Juda. Eaba o leka ho bolaea lelapa lohle la boreneng, esita le litloholo tsa hae, hobane a batla hore ho buse eena feela. Batho bohle ba ne ba mo tšaba.

Moprista ea phahameng Jehojada le mosali oa hae, Josheba, ba ne ba tseba hore seo Athalia a se etsang se fosahetse. Kahoo, ba ipeha kotsing ka ho pata setloholo se seng sa Athalia se bitsoang Joase. Ba mo holisetsa tempeleng.

Ha Joase a le lilemo li supileng, Jehojada a bokella balaoli le Balevi ’me a re ho bona: ‘Lebelang menyako ea tempele e le hore ho se be le motho ea kenang.’ Eaba Jehojada o etsa Joase morena oa Juda ’me a mo roesa moqhaka hloohong. Batho ba Juda ba hoeletsa ba re: ‘Morena a re phelele!’

Mofumahali Athalia a utloa hore ho na le se etsahalang eaba o mathela tempeleng. Eitse ha a bona morena e mocha, a re: ‘Le entse bolotsana! Le entse bolotsana!’ Eaba balaoli ba tšoara mofumahali eo ea khopo, baa mo bolaea. Empa na tšusumetso ea hae e mpe sechabeng e ile ea fela?

Jehojada o ile a thusa sechaba hore se etse selekane le Jehova, se mo tšepise hore se tla rapela eena feela. Jehojada o ile a re se felise tempele ea Baale ’me se pshatle litšoantšo tse rapeloang. A beha balebeli lihekeng ho kata tempele e le hore ho se ke ha kena motho leha e le ofe ea sa hloekang. Eaba Jehojada le balebeli ba isa Joase ntlong ea borena ’me ba mo etsa morena. Batho ba Juda ba thaba. Ba ne ba se ba ka khona ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi, ho se ho se na Athalia ea khopo le borapeli ba Baale. Na oa bona kamoo Jehojada a ileng a thusa batho ba bangata kateng hobane a bile sebete?

“Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea moea; empa ho e-na le hoo le tšabe ea ka timetsang moea le ’mele Gehena.”—Matheu 10:28