Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 53

Jehojada o Bontsha Hore o Sebete

Jehojada o Bontsha Hore o Sebete

Jezebele o ne a e na le moradi ya bitswang Athalia, ya neng a le kgopo jwaloka mme wa hae. Athalia o ne a nyetswe ke morena wa Juda. Ha monna wa hae a shwa, mora wa hae e ile ya e ba morena. Ha mora eo wa hae a shwa, Athalia a ipeha boreneng ba Juda. Yaba o leka ho bolaya lelapa lohle la boreneng, esita le ditloholo tsa hae, hobane a batla hore ho buse yena feela. Batho bohle ba ne ba mo tshaba.

Moprista ya Phahameng Jehojada le mosadi wa hae, Josheba, ba ne ba tseba hore seo Athalia a se etsang se fosahetse. Kahoo, ba ipeha kotsing ka ho pata setloholo se seng sa Athalia se bitswang Joase. Ba mo hodisetsa tempeleng.

Ha Joase a le dilemo di supileng, Jehojada a bokella balaodi le Balevi mme a re ho bona: ‘Lebelang menyako ya tempele e le hore ho se be le motho ya kenang.’ Yaba Jehojada o etsa Joase morena wa Juda mme a mo rwesa moqhaka hloohong. Batho ba Juda ba hweletsa ba re: ‘Morena o re phelele!’

Mofumahadi Athalia a utlwa hore ho na le se etsahalang yaba o mathela tempeleng. Eitse ha a bona morena e motjha, a re: ‘Le entse bolotsana! Le entse bolotsana!’ Yaba balaodi ba tshwara mofumahadi eo ya kgopo, ba a mo bolaya. Empa na bokgopo ba hae setjhabeng bo ile ba fela?

Jehojada o ile a thusa setjhaba hore se etse selekane le Jehova, se mo tshepise hore se tla rapela yena feela. Jehojada o ile a re se senye tempele ya Baale mme se tjhwatle medimo ya ditshwantsho. A beha balebedi dihekeng ho kata tempele e le hore ho se ke ha kena motho leha e le ofe ya sa hlwekang. Yaba Jehojada le balebedi ba isa Joase ntlong ya borena mme ba mo etsa morena. Batho ba Juda ba thaba. Ba ne ba se ba ka kgona ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi, ho se ho se na Athalia ya kgopo le borapedi ba Baale. Na o a bona kamoo Jehojada a ileng a thusa batho ba bangata kateng hobane o ne a le sebete?

“Le se ke la tshaba ba bolayang mmele empa ba ke ke ba bolaya moya; empa ho e na le hoo le tshabe ya ka timetsang moya le mmele Gehena.”—Matheu 10:28